Batjha ba ntse ba le lesisitheho ho etela ditsha tsa booki

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Mohlanka wa Love Life o ngongorehiswa ke lesisitheho la batjha ditsheng tsa booki.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA- Mohlanka wa mokgatlo wa mmuso wa Love Life seterekeng sa Thabo Mofutsanyana Diau Motholo, o re batjha ba ntse ba na le lesisiteho le leholo ho etela ditsha tsa bophelo haholo dibakeng tsa mahae ho sa natse programo ya mmuso e ntjha “Youth Zone” ditsheng tsena.

Motholo o re leha mmuso o tlile ka programo ena ya batjha ho kgothaletsa ketelo ya bona ditsheng tsa booki, dipalopalo tsa bao ba etelang ditsha tsena di sale tlaase haholo.

O hlalositse ha Youth Zone ena le dihora tse beheletsweng ka thoko mahareng a hora ya 14:00-16:00 thapama hore batjha ba etelang ditsha tsena ba fumantshwe thuso ntle leho fola mela.

“Nnete ke hore boholo ba batjha bao maphelo a bona a itshetlehileng ditlhareng tseo ba di fumanang ditsheng tsa booki, ba difaulta ka lebaka la ho emisa ho lata dithare tsa bona ka lebaka la mela e melele,” Motholo.

Motholo o behile molato ho thlokeho ya basebetsi ditsheng tsa booki, kutlwisiso ya programo ena hotswa ho baoki le bakudi ba bang ekasitana le mokgwa oo bakudi ba tshwarang batjha/bakudi ka teng ha bale di cliniking.

Ha ditaba di sa le mothating ona ha a qhelela ka thoko hore kgatello ya metswalle e ntse bapala karolo ho batjha ba bang ho se nkeng dithuto le lesedi ka tsa thobalano hloohong.

Mmuso hajwale ona le maano a thuto ka tsa thobalano e bolokehileng a kenyeletsang phano ya dicondom le PreP hara maano a mang.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
05/06
Fri
4°C
clear sky
Sat
daily_wether_icon
11°C
9°C
Sun
daily_wether_icon
14°C
11°C
Mon
daily_wether_icon
16°C
16°C
Tue
daily_wether_icon
14°C
14°C
Wed
daily_wether_icon
15°C
14°C
Thu
daily_wether_icon
15°C
16°C
Fri
daily_wether_icon
16°C
17°C
Related Posts
IMG_202307195_165526552
Read More
1761837948239
Read More
1761837948239
Read More
05 June 2026
Barutwana ba kampong Lekgulo ba seboko ka kgethollo
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Ba bang ba batswadi ba barutwana ba sehlopha sa leshome sekolong se phahameng...
26 May 2026
Barutwana ba Mafube ba keteka bo-Afrika
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Barutwana sekolong se phahameng sa Mafube Phuthaditjhaba lehaeng la mehleng Qwaqwa...
18 May 2026
Rametlae "Tjabination" o re tshebediso e nepahetseng ya marangrang a dipuisano hoka betla bokamoso batjheng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Letswalla ebile ele motjha wa motsana wa Slovo Park lehaeng la mehleng la Qwaqwa...
11 May 2026
Monna o inolwa nokeng Mohokare ese ele mofu
Ka Teboho Moloi FICKSBURG- Seponesa sa Free State se netefaditse ha se fuputsa nyewe ya dipatlisiso(inquest)...
11 May 2026
Boshodu bo tutile dimasepaleng-SACP
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Mongodi wa mokgatlo wa makomonisi seterekeng sa Thabo Mofutsanyana Lifa Mhlambe...
30 April 2026
Dithunya tse seng molaong di opisa seponesa hlooho
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Seponesa Free State le ha se dumela hore mafellong se tla atleha ho hlola...
19 April 2026
Mabeta o ahlolelwa tjhangkaneng dilemo tse 36
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Lekgotla la lebatowa la dinyewe la Phuthaditjhaba le ahloletse mabeta Nhlanhla...
06 April 2026
Mantswe a supileng a ka fetola maphelo a bohle -Rev Lakaje
Ka Teboho Moloi HARRISMITH- Mongodi kakaretso wa federation ya baruti ya “Maluti Federation”...
27 March 2026
Molekgotla wa ACM o bula nyewe ya ho otlwa
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Molekgotla wa mokga wa African Content Movement (ACM) masepaleng o ditaba...
23 March 2026
Monna o ahlolelwa peto ya Mmae tjhangkaneng
Ka Teboho Moloi HARRISMITH- Lekgotla la dinyewe la lebatowa la Harrismith le ahloletse mabeta ya dilemo...