Maqheku a seboko ka ho kgaoha ha motlakase mariheng ana

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Maqheku a Makgalaneng a tshwenyehile ke howa ha motlakase.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA- Maqheku le maqhekwana lebatoweng la bosupa motseng wa Makgalaneng ba re mohato wa masepala wa ho imolla kgatello ya motlakase o ba thathafalletsa bophelo, le ho ba kgutlisetsa mekgweng ya kgale, ebile o beha maphelo a bona kotsing.

Baahi bana ba re se ba qobelleha ho rwalla dibakeng tse kotsi lebitsong la hore feela ba kgone ho pheha le ho ikomosa haholo nakong ena ya sehla se batang sa mariha.

Ba re ba phela ka matswalo, ba tshoha hore ba ka nna ba hlaselwa ke dinokwane ha ba ntse ba rwalla, ho betwa, ekasitana le ho kenelwa matlung a bona kaha masiu ohle ba phela ka lefifi.

Nkgono Alice Mafokama o re bothata bona bo baka hore a sitwe hoja ka nako ho kenyeletsa ho nwa dithlare tsa hae hoya ka taelo ya dingaka.

“O tla makala, hore hoseng ha re itukisetsa ho tsoha motlakase o wele, re robetse o ntse o le siko, bohloko ke lokela ho ja pele ke nwa dipidisi, ke tla di nwa jwang ke sa ja?”

Mofokama o hlalositse hona ele ho bolawa ke mmuso. Baahi ba re mohato ona o ba qobella ho dula dihora tse ngata ba sena phepelo ya motlakase ka letsatsi kang, papiso le metse e mabapi eo ba reng baahi ba moo ba dula ba imonyamonya ka motlakase.

“Nakong eo o kgutlileng motsheare o re o ya qalella ho pheha-pheha le pele dipoto tseo tse ifo di reng di ya tjwatla o boyela o wela hape, ke bona bophelo bo re bo phelang. Haona ntho e nkutlwisang bohloko jwalo ka leqhekwana hore ke tsoha le ho robala ka lefifi,” ho eketsa Mafokama.

Elizabeth Tshabalala o qosa mmuso hore mohato oo wa bona wa ho imollo o kgetha nku ka pere kaha bona ba fumana motlakase dihora tse ka tlase ho hora tse tharo eseng hofeta tse nne ka letsatsi kang.

“Ke hobaneng re sa kukelwe nako e lekanang motlakase le ho fuwa motlakase dihora tse lekanang le metse e mabapi. Hona jwale re dula ka matswalo bosiu hore re se kenelwe, ka ho leleng boshodu ba dicable bo boyetse bo tutile le bona,”Tshabalala.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
20/11
Fri
16°C
clear sky
Sat
daily_wether_icon
28°C
24°C
Sun
daily_wether_icon
34°C
22°C
Mon
daily_wether_icon
34°C
21°C
Tue
daily_wether_icon
29°C
30°C
Wed
daily_wether_icon
25°C
30°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
33°C
Fri
daily_wether_icon
30°C
29°C
Related Posts
Boetapele ba TMDM
Read More
ANC Ward15 councilor Mabitle Moloi
Read More
Moeketsi Rahlao
Read More
20 November 2026
Boetapele ba TMDM bo phethela dilemo tse hlano tsa tshebeletso
QWAQWA – Ramotse wa Phethahatso wa Masepala wa Setereke sa Thabo Mofutsanyana (TMDM), Conny Msibi, o...
20 November 2026
Sebuhudi sa mehleng sa ditaba Lesedi FM se timetse
QWAQWA- Ho latela phatlalatso ya ho timela ha mokaubere ebile ele sebohudi se tummeng sedikadikweng sa...
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...