Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Veli Mvololo Moloi o hatella bohlokwa ba ho tshwarisana mmoho le mesuwe.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli “Mvololo” Moloi o phatladitse ha a tla ‘adopta’ le ho beha mahetleng a hae tse ding tsa dithloko tsa barutwana ba sekolo sa Moteka mahetleng a hae, nakong eo a na etetse barutwana ba sekolo sena ka Labohlano la 14 Phato.

Moloi ke morutwana wa mehleng sekolong sena, mme o re o bone ele toka hore a kgutlisetse setjhabeng ka tsela ya ho kgothatsa barutwana ba hajwale ka mantswe ‘motivation’ ho hlola le bona letsatsi lohle ba shebisana phepetso tsa bophelo le ho shebisana ditharollo diphepetsong tsa hajwale tse ba tobaneng le tsona.

Moloi o re ho fihlile thlokomelong ya hae hore bongata ba barutwana ba qeteletseng ba sa sebetseng hantle thutong tsa bona, ke hobane ba hloka tsheyetso.

“Ba bang ha ba fumane mantswe feela a dikgothatso ho tswa ka malapeng hoba batswali ha bayo kapa ha bana nako, ha ba bang ba sa dumele hore ba na le bokamoso hoba ba bona eka maphelo a bona a fella feela motseng moo ba phelang mohlomong tlasa maemo a bofuma.

Jwale ba lokela ho tseba hore ke ka thuto feela menyako eka bulehang hosa natse o tswa lapeng le jwang,” o rialo Mvololo.

O re o na lekae ho ba kgothaletsa ho tiiseletsa thutong le hose wele lerabeng la hoba makgoba a dithithifatsi empa ho fetola maphelo a bona ka thuto.

“Kajeno re bo mmamoratwa setjhabeng empa re tswa hona dikolong tsena hara motse. Jwale ke batla ba tsebe hore toro e nngwe le e nngwe eya kgonahala hore e fihlelehe,”

O re o tlo netefatsa ho thusa haholo ba sehlopha sa Matric, nakong eo ba etsang dikopo le boingodiso ho ya ditsheng tsa thuto e phahameng le ho tlisa tlhodisano tsa dipapadi tse fapaneng jwaloka bolo ya maoto le ya matshoho.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
10/10
Sat
31°C
overcast clouds
Sun
daily_wether_icon
29°C
27°C
Mon
daily_wether_icon
30°C
28°C
Tue
daily_wether_icon
23°C
20°C
Wed
daily_wether_icon
24°C
28°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
31°C
Fri
daily_wether_icon
32°C
33°C
Sat
daily_wether_icon
32°C
30°C
Related Posts
IMG-20261010-WA0000(1)
Read More
Widows during Premiers Ma queen Mathae Letsoha dialoque session at Bluegumbush multi purpose hall
Read More
Masikilo Patrick Vilakazi
Read More
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...
14 July 2026
Maqheku a seboko ka ho kgaoha ha motlakase mariheng ana
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Maqheku le maqhekwana lebatoweng la bosupa motseng wa Makgalaneng ba re mohato...
10 July 2026
Lekgotla la dinyewe Meqheleng le dia kahloho tse boima
Ka Teboho Moloi FICKSBURG- Lekgotla la dinyewe la magistrata Meqheleng le romeletse molaetsa o matla...
15 June 2026
Ho fumanwa ka setopo nokeng Clubview
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Seponesa sa Phuthaditjhaba se re se fuputsa nyewe ya polao kamora ho fumanwa...
09 June 2026
Kopano ya batswadi le sekolo sa Lekgulo e betla kgatelopele
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Le ha feela ba bang ba batswadi ba barutwana ba sekolo se phahameng sa Lekgulo...