Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha la Dipuo tsa Afrika Yunivesithing ya Freistata, Dr Elias Nyefolo Malete.

Ka Emily Setona

QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha la Dipuo tsa Afrika Yunibesithing ya Freistata, Dr Elias Nyefolo Malete, o hlalositse hore Basotho ba tshwanetse ho utulla botjha kutlwisiso ya bona ka Mongwaha wa Sesotho, oo a reng ha o latele khalendara ya Gregoriane.

Puisanong e ikgethileng le The Guard, Dr Malete o hlalositse hore Basotho ha ba bitse selemo ka lentswe la selimo, empa ba se bitsa mongwaha.

“O tshwanetse ho utlwisisa phapang pakeng tsa mongwaha le selimo. Mongwaha ke selemo ka botlalo, athe selimo ke nako ya selemo sa selemo sa dipalesa, e leng spring,” ho boletse Dr Malete.

O re Mongwaha wa Basotho o qala ka kgwedi ya borobedi, e leng Phato. Ho qala ha Mongwaha ho tshwaya ho fihla ha selimo, nako e bontshang bophelo bo botjha le ho tsoha hape ha tlhaho.

Ho ya ka Dr Malete, nakong ya selimo, tlhaho e qala bophelo bo botjha.

Dihlahla le difate tse neng di lahletse makgasi nakong ya mariha di qala ho hlahisa dipalesa pele di beha ditholwana.

Dikokonyana tse neng di ipatile mobung nakong ya mariha di qala ho hlaha hape, athe dibopuwa tse neng di sa bonahale nakong eo le tsona di boela di bonahala.

O boetse a re kgwedi ya Phato e tsebahala ka meya e matla e thusang ho tsamaisa peo ya dimela le ho qhalanya peo hore bophelo bo bocha bo tswele pele.

Ka nako ena, diboko di fetoha dirurubele, e leng pontsho ya phetoho le ntlafatso ya tlhaho.

Dr Malete o hlalositse hore ena hape ke nako eo Basotho ba nkang mehoma ya bona ho lokisa masimo bakeng sa ho jala peo.

“Ho lokiswa ha masimo ke karolo ya bohlokwa ya ho amohela Mongwaha. Ke nako ya ho itokisetsa bophelo bo botjha le kotulo e tlang,” a rialo.

Le hoja borahisitori ba bang ba sa dumellane ka letsatsi le tobileng leo selimo le qalang ka lona, Dr Malete o re hangata mekete ya Mongwaha e qala ka la pele Phato.

O itse mekete ena e na le moelelo o tebileng wa teboho bakeng sa bophelo bo botjha le tshepo ya kotulo e ntle. Hape ke nako ya dithapelo tseo ka tsona Basotho ba kopelang pula hore peo e jetsweng e mele hantle mme e hlahise dijo tse lekaneng.

Dr Malete o re kutlwisiso ya Mongwaha wa Basotho e bontsha kamano e matla pakeng tsa batho, lefatshe le tlhaho, mme e tshwanetse ho fetisetswa melokong e tlang e le karolo ya lefa la setso la Basotho.

Ho feta moo, Lefapha la Dipapadi, Bonono, Setso le Boithapollo la Free State le tla keteka Basotho New Year (Mongwaha) Basotho Cultural Village e Maluti-a-Phofung ka la 1 Phato 2026, e le karolo ya ho hlompha le ho tsosolosa lefa lena la setso.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
20/11
Fri
16°C
clear sky
Sat
daily_wether_icon
28°C
24°C
Sun
daily_wether_icon
34°C
22°C
Mon
daily_wether_icon
34°C
21°C
Tue
daily_wether_icon
29°C
30°C
Wed
daily_wether_icon
25°C
30°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
33°C
Fri
daily_wether_icon
30°C
29°C
Related Posts
Boetapele ba TMDM
Read More
ANC Ward15 councilor Mabitle Moloi
Read More
Moeketsi Rahlao
Read More
20 November 2026
Boetapele ba TMDM bo phethela dilemo tse hlano tsa tshebeletso
QWAQWA – Ramotse wa Phethahatso wa Masepala wa Setereke sa Thabo Mofutsanyana (TMDM), Conny Msibi, o...
20 November 2026
Sebuhudi sa mehleng sa ditaba Lesedi FM se timetse
QWAQWA- Ho latela phatlalatso ya ho timela ha mokaubere ebile ele sebohudi se tummeng sedikadikweng sa...
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...
14 July 2026
Maqheku a seboko ka ho kgaoha ha motlakase mariheng ana
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Maqheku le maqhekwana lebatoweng la bosupa motseng wa Makgalaneng ba re mohato...