Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Mopresident wa ACT Ace Magashule.

Ka Teboho Moloi

BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha la botjhotjhisi NPA ha lena nyewe kgahlanong le yena.

Magashule o bolelletse mekgatlo ya ditaba hore nyewe ya bobodu le manyofo-nyofo ya marulelo a Asbestos, ya dimillion tsa diranta tse ballwang ho makgolo a mabedi le metso e mashome a mahlano e hlahletsweng kgahlanong le yena, ke tshenyo ya nako feela nakong eo ana hlaheletse lekgotleng le dinyewe Bloemfontein ka Labone lac20 Phato.

Magashule o buwile a phahamisitse phatla hore o tlo netefaletsa lekgotla le phahameng la dinyewe hore nyewe ena, e susumeditswe ke dipolotiki.

O buile a sa lobe letho hore hona le boitshunyakako ba naha ya America nyeweng ena mme seo, se tla totobatswa ke bopaki ba hae ka nako eo a fuwang monyetla wa ho teka bopaki ba hae.

Leha ho le jwalo Magashule mmoho le baqusuwa mmoho le yena ba kenyeletsang rakgwebo, mothusi wa hae wa mehleng Moroadi Cholota le babang, ba tla lokela ho ema dikgwedi tse nne hape pele ba kgutlela kgotla.

Moahlodi wa lekgotla le phahameng Philip Laubser, o kgutliseditse nyewe ena morao ho fihlela ka la 18 Pherekgong isao 2027.

Lekgotla le hanne kopo ya Magashule hore ho mamelwa ha nyewe ena ho qale ka Mmesa ele ho qoba ho kgutlisetswa morao kgafetsa ha nyewe.

“Diqoso tsena ke tse phehilweng feela mme di tshwana hantle le nyewe ya mo generale wa di-Hawks Khumalo le mokomishinara ya beheletsweng ka thoko Fani Masemola.

Ho se phethelwe ha nyewe ena ho re sitisa ho tsepamisa maikutlo a rona maphelong a rona le matsholong a ho iketela dikgethong tse tlang,” ho rialo Magashule.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
20/11
Fri
16°C
clear sky
Sat
daily_wether_icon
28°C
24°C
Sun
daily_wether_icon
34°C
22°C
Mon
daily_wether_icon
34°C
21°C
Tue
daily_wether_icon
29°C
30°C
Wed
daily_wether_icon
25°C
30°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
33°C
Fri
daily_wether_icon
30°C
29°C
Related Posts
Boetapele ba TMDM
Read More
ANC Ward15 councilor Mabitle Moloi
Read More
Moeketsi Rahlao
Read More
20 November 2026
Boetapele ba TMDM bo phethela dilemo tse hlano tsa tshebeletso
QWAQWA – Ramotse wa Phethahatso wa Masepala wa Setereke sa Thabo Mofutsanyana (TMDM), Conny Msibi, o...
20 November 2026
Sebuhudi sa mehleng sa ditaba Lesedi FM se timetse
QWAQWA- Ho latela phatlalatso ya ho timela ha mokaubere ebile ele sebohudi se tummeng sedikadikweng sa...
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...
14 July 2026
Maqheku a seboko ka ho kgaoha ha motlakase mariheng ana
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Maqheku le maqhekwana lebatoweng la bosupa motseng wa Makgalaneng ba re mohato...