Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Morena e Moholo wa Bakoena morena Moremoholo Mopeli.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang Mopeli, o satswa etsa kgoeheletso ho mmuso wa Free State ho fetola sebaka sa bodulo ba mehleng ba baholo ba hae Namahadi moo e leng ntlo ya borena ha jwale ho fetolwa hoba sebaka sa naha sa botjhaba (heritage site).

Morena Moremoholo o re mohato ona e tlabe ele qeto e bohlale, e tlo thuso ka ho baballa nalane e nepahetseng ya borena le dithuto bakeng sa moloko o tlang, ebile ele e molemo hore o tsebe ka nalana ya ntlo ya borena le borena ka-karetso ekasitana le hoba sehopotso.

O dumela ha setjhaba se sa tsebeng moo setswang ho ba bobebe hoka kgeloswa.

“Ke toro yaka hore sebaka sena eka mmuso o ka se hlwaya le ho se fetola sebaka sa botjhaba. Nnete ke hore nalane e teng, eya phela kahara sebaka sena seo releng kahare ho sona,” ho rialo Morena Moremoholo.

Morena Moremoholo o hlalositse ha nalane ya sebaka sena e tloha lelokong la pele la borena moo, morena e moholo wa pele a neng a busa ka nako eo ele morena Ramatshediso Charles Mopeli, o dutsi sebakeng sena le ho busa setjhaba e ntse ele ntlo kgolo ya boreneng, le ba tlileng ka mora hae hoya ka meloko jwalo ho fihlela dilemong tsa hajwale moo yena a busang le leloko le tlang kamora hae sebaka sena e tlo dula ele boreneng.

“Ke bona ho le bohlokwa hore jwale reka boloka nalane eo ka kopanelo le mmuso hoka boyela ho fumana matlole hoka etsa tsohle tse loketseng hoka tshireletsa tulo ena, le ho netefatsa hore tseo di neng di sebediswa ka nako tseo di dula jwalo di tshireletsehile,” ho eketsa Moremoholo.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
20/11
Fri
16°C
clear sky
Sat
daily_wether_icon
28°C
24°C
Sun
daily_wether_icon
34°C
22°C
Mon
daily_wether_icon
34°C
21°C
Tue
daily_wether_icon
29°C
30°C
Wed
daily_wether_icon
25°C
30°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
33°C
Fri
daily_wether_icon
30°C
29°C
Related Posts
Boetapele ba TMDM
Read More
ANC Ward15 councilor Mabitle Moloi
Read More
Moeketsi Rahlao
Read More
20 November 2026
Boetapele ba TMDM bo phethela dilemo tse hlano tsa tshebeletso
QWAQWA – Ramotse wa Phethahatso wa Masepala wa Setereke sa Thabo Mofutsanyana (TMDM), Conny Msibi, o...
20 November 2026
Sebuhudi sa mehleng sa ditaba Lesedi FM se timetse
QWAQWA- Ho latela phatlalatso ya ho timela ha mokaubere ebile ele sebohudi se tummeng sedikadikweng sa...
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...
14 July 2026
Maqheku a seboko ka ho kgaoha ha motlakase mariheng ana
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Maqheku le maqhekwana lebatoweng la bosupa motseng wa Makgalaneng ba re mohato...