QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele lehaeng la mehleng la Qwa Qwa, di hloleha ho tswelapele kaha ke meralo ya mokgatlo wa habo, mme ditla tswelapele hang ha ba kena pusong ya lekgotla la motse la Maluti A Phofung hape.
Mokotso o na tshetlehela diketekete tsa ditho tsa mokgatlo, baahi, borakgwebo, bongkhetheng ba mokgatlo le boetapale puo, ka Labone Hana thakgola semmuso mohoo ebile ele tokomane ya boiketo ba dikgetho tse tlang wa mokgatlo hollong ya motse Lusaka.
MAP16 etlo iketela mabatowa ohle a lekgotla lena a 35, mme pele ho manollo ya mooho ona, ba amohetse ditho tsheletseng mokgatlong hotswa mokgeng e emeng.
Map16 elanna ya kotsomela setulo sa bo majoro bakeng sa dikgwedi tse 18, pele majoro hotswa mokgatlong was bona ebile ele mopresidente Gilbert Mokotso a ketelowa setulong seo ka mohato wa ho hloka tshepo ho yena.
Mokotso o re dintlafatso tse jwalo ka kaho ya setsha sa mabenkele Bluegumbosch, sebaka sa bodulo se haufinyana le lekala la university ya Free State, le ho kenya tshebetsong tokomane esale e tekenelwa le Eskom di emetse mokgatlo wa habo honka puso hape hore dika kena tshebetsong.
“Batla dula ba ntse ba tapatapa sebakeng sele seng hosena tswelapele e bonahalang diprojekeng tsena hoba ditswejwa ke rona rele MAP16,”
O re baahi ba Bluegumbosch batla dula ba tshwere lefika ka kaho ya setsha sa mabenkele sa Bluegumbosch, hofihlela mokgatlo wa hae onka puso hape, mme projeke eo etla tswelapele.
O boleletse baahi hore MAP16 ke yona feela tharollo ya mathata ohle a tobaneng le baahi.Ore hoya makatsa hore lekajeno kaho ya tshebetso ya setsha seo sa mabenkele haeso qale, lehoja atheohile setulong sa bo majoro aile a nehelana ka tumello hore motlakase otlo sebetsa moo etlabe otswa ho Eskom.
Mokotso ebile Majoro ka selemo sa 2021. O hlwaille mathata a phepelo ya metsi, le tsamaiso ya dikgwere-kgwere ele nthla tse ka sehlohong tseo atlo shebana le tsona ha kena kantorong o re ho ntse hona le diBillion tse 2.2 tsa diranta tse loketseng hotla kwano hotlisa tharollo phanong ya ditshebeletso.
O buwile a phahamisitse hloho hore matsatsing a 100 feela ha kgutlela kantorong , otlo tlisa diphethoho.
Mokotso o re hatlo dumella hore basebeletsi ba masepala ba hole feela empa mesebetsi ya bona esa bonahale.
O re masepala osebedisa dimillion tse mashome a supileng tsa diranta ho lefa meputso ya basebetsi bohle ka kgwedi kang, mme ho lokelwa ho tiswe letsoho ho boneng hore basebetsi ba etsa mesebetsi ya bona.
O re haoya lokela hore masepala obatla ra kontraka, a lefiwe hotla etsa mebetsi e jwalo ka tukiso ya ditsela empa basebeletsi ba masepala bale teng.“masepala ona o sesa ka hara dikoloto mme hajwale o kolota Eskom dibillion tse tse leshome tsa diranta.
Ha esale Eskom eqetelwa ho patalwa nakong eo keneng ntse kele majoro.