Barutwana ba kampong Lekgulo ba seboko ka kgethollo

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Batswadi ba ngongorehileng ba sekolo sa Lekgulo Palesa Mokoena le Maditjhelete Mofokeng.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA -Ba bang ba batswadi ba barutwana ba sehlopha sa leshome sekolong se phahameng sa Lekgulo ba re ba letse ba sa bo hlotha bosiung ba Laboraro wa la 03 Phupjane, ba ipotsa dipotso di hana ho feela le ho tshohela polokeho ya bana ba bona ba kampong ya sehlopha sa leshome sekolong sa Lekgulo.

Sena ke kamora ho fumana mehala ho tswa sekolong, moo bana ba bona ba neng ba ba kopa hore batle ho tla ba lata ka lebaka la tshwaro eo ba reng ena le kgethollo, dithohako ebile ele e mpe.

Sehlopha sa batswadi bana se bonwe hoseng wa Labone 04 Phupjane sekolong moo ba reng ba ne ba batla ho fumantshwa tlhakisetso hotswa ho botsamaisi ba sekolo empa ba teya kalala.

Maditjhelete Mofokeng motswali wa morutwana sekolong o re o ile a qobeleha ho tla sekolong bosiu boo kamora ho fumana mohala hotswa ho ngwana, mme a mo fumana le ba bang ka dithotho tsa bona hekeng ya sekolo ba batla ho tsamaya.

“Re fihlile ba le moo ka bongata ba bona bana ba rona ba batla ho tsamaya kaha ba ile ba re letsetsa, empa ba ne ba sa kgone hore baka tswa moo qetellong ba ileng ba kgutlela ka meahong kamoo, mme ra nka qeto hore tlhakisetso hantle retla e fumana hoseng hona,” ho rialo Mofokeng.

O hlalositse ha bana ba boletse ha bothata bo qadile ha barutwana ba thuto tsa mahlale ba fihla mme ba tsa History ba laelwa ho tswa ka holong ho ba suthela.

E mong wa batswadi Palesa Mokoena o re pejana motlatsa mosuwehloho o qheletse ka thoko ditlaleo tsa tshwaro empe ya bana hoya ka bona, empa o potlakile ho qosa barutwana ka lereng hara bona baqolotsana.

“Mme eo o re ho bile le ho seutlwane (misunderstanding) ha taelo eo a nehalaneng ka yona nakong eo barutwana ba lekala la mahlale ba kenang empa ol a leka ho e rarolla, ha jwale re batla botsamaisi ba sekolo bo dule fatshe le rona batlo refa tlaleo e feletseng kaha bana ba ntse ba hana poleleo eo, “horialo Mokoena.

Ho hlaheletse hore ba bang ba bana ba bitswa ka mabitso a tletseng mahlapa le nyenyefatso hore ke di Baboon. Lefapha la thuto ha le so arabele dipotsong tsa lesedinyana lena, nakong ya kgatiso ya pampiri.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
20/09
Sun
22°C
overcast clouds
Mon
daily_wether_icon
24°C
21°C
Tue
daily_wether_icon
25°C
21°C
Wed
daily_wether_icon
24°C
19°C
Thu
daily_wether_icon
25°C
28°C
Fri
daily_wether_icon
26°C
27°C
Sat
daily_wether_icon
24°C
23°C
Sun
daily_wether_icon
22°C
25°C
Related Posts
Screenshot_20260911-053732
Read More
Associate Professor at UFS Puseletso Mofokeng
Read More
MAP16 Pr Councillor Paratlane Motloung
Read More
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...
14 July 2026
Maqheku a seboko ka ho kgaoha ha motlakase mariheng ana
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Maqheku le maqhekwana lebatoweng la bosupa motseng wa Makgalaneng ba re mohato...
10 July 2026
Lekgotla la dinyewe Meqheleng le dia kahloho tse boima
Ka Teboho Moloi FICKSBURG- Lekgotla la dinyewe la magistrata Meqheleng le romeletse molaetsa o matla...
15 June 2026
Ho fumanwa ka setopo nokeng Clubview
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Seponesa sa Phuthaditjhaba se re se fuputsa nyewe ya polao kamora ho fumanwa...
09 June 2026
Kopano ya batswadi le sekolo sa Lekgulo e betla kgatelopele
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Le ha feela ba bang ba batswadi ba barutwana ba sekolo se phahameng sa Lekgulo...