Batjha ba ntse ba le lesisitheho ho etela ditsha tsa booki

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Mohlanka wa Love Life o ngongorehiswa ke lesisitheho la batjha ditsheng tsa booki.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA- Mohlanka wa mokgatlo wa mmuso wa Love Life seterekeng sa Thabo Mofutsanyana Diau Motholo, o re batjha ba ntse ba na le lesisiteho le leholo ho etela ditsha tsa bophelo haholo dibakeng tsa mahae ho sa natse programo ya mmuso e ntjha “Youth Zone” ditsheng tsena.

Motholo o re leha mmuso o tlile ka programo ena ya batjha ho kgothaletsa ketelo ya bona ditsheng tsa booki, dipalopalo tsa bao ba etelang ditsha tsena di sale tlaase haholo.

O hlalositse ha Youth Zone ena le dihora tse beheletsweng ka thoko mahareng a hora ya 14:00-16:00 thapama hore batjha ba etelang ditsha tsena ba fumantshwe thuso ntle leho fola mela.

“Nnete ke hore boholo ba batjha bao maphelo a bona a itshetlehileng ditlhareng tseo ba di fumanang ditsheng tsa booki, ba difaulta ka lebaka la ho emisa ho lata dithare tsa bona ka lebaka la mela e melele,” Motholo.

Motholo o behile molato ho thlokeho ya basebetsi ditsheng tsa booki, kutlwisiso ya programo ena hotswa ho baoki le bakudi ba bang ekasitana le mokgwa oo bakudi ba tshwarang batjha/bakudi ka teng ha bale di cliniking.

Ha ditaba di sa le mothating ona ha a qhelela ka thoko hore kgatello ya metswalle e ntse bapala karolo ho batjha ba bang ho se nkeng dithuto le lesedi ka tsa thobalano hloohong.

Mmuso hajwale ona le maano a thuto ka tsa thobalano e bolokehileng a kenyeletsang phano ya dicondom le PreP hara maano a mang.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
02/11
Mon
30°C
broken clouds
Tue
daily_wether_icon
17°C
24°C
Wed
daily_wether_icon
29°C
33°C
Thu
daily_wether_icon
34°C
36°C
Fri
daily_wether_icon
31°C
32°C
Sat
daily_wether_icon
27°C
26°C
Sun
daily_wether_icon
17°C
20°C
Mon
daily_wether_icon
22°C
28°C
Related Posts
From left: Free State Premier, MaQueen Letsoha-Mathae; Minister of Social Development, Dina Pule; and Free State MEC for Social Development, Mathabo Hlalele. Photo: Free State Department of Social Development.
Read More
FS MEC Ketso Makume PHOTO supplied
Read More
In Photo (supplied by Kovsie Sport): Mthi Mthimkulu with his accolades at the Kovsie Sport Awards.
Read More
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...
14 July 2026
Maqheku a seboko ka ho kgaoha ha motlakase mariheng ana
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Maqheku le maqhekwana lebatoweng la bosupa motseng wa Makgalaneng ba re mohato...
10 July 2026
Lekgotla la dinyewe Meqheleng le dia kahloho tse boima
Ka Teboho Moloi FICKSBURG- Lekgotla la dinyewe la magistrata Meqheleng le romeletse molaetsa o matla...