Ho fumanwa ka setopo nokeng Clubview

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Sgt Moleko Mabe wa seponesa sa Phuthaditjhaba a ntsha setopo ka nokeng. PHOTO SAPS

Ka Teboho Moloi

QWAQWA – Seponesa sa Phuthaditjhaba se re se fuputsa nyewe ya polao kamora ho fumanwa ha setopo sa monna a sa tsejweng nokeng haufinyana le Clubview, ka Labone 11 Phupjane.

Setopo sena se ne se se senyehile se bonwe ke mofeta ka tsela se phupuma ka hodima metsi nokeng eo le ho tsebisa seponesa hang-hang.

Mmueli wa seponesa Warrant Officer Mmako Mophiring o re diqwidi tsa bona ka tshebedisano mmoho le bahlanka ba masepala ba lefapha la pholoso letsa mollo baile ba atleha ho ntsha setopo seo ka nokeng, mme ba se fumane se phuthetswe ka kobo setlameletswe lejweng ka terata.

Mophiring o re setopo se fumanwe se le maemong a mabe ka hofitisisa aho senyeha eleng se bakileng hobe thata ho ka tseba ebang sene sena le maqeba. O re diphuputso tsa bona ba batla ho hutolla hore mofu ke mang le tsohle tse amanang le polao ya hae.

Seponesa se ipileditse ho mang kapa mang a ntsa batlana le setho sa lelapa la bona wa ntate eo esale a nyamela ho, kapa mang kapa mang aka banang le lesedi hoka letsetsa mofuputsi wa nyewe ena mafokising a Phuthaditjhaba Captain Paramente Motseki, 079 887 6961.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
31/10
Sat
34°C
few clouds
Sun
daily_wether_icon
25°C
26°C
Mon
daily_wether_icon
28°C
29°C
Tue
daily_wether_icon
29°C
31°C
Wed
daily_wether_icon
32°C
34°C
Thu
daily_wether_icon
33°C
25°C
Fri
daily_wether_icon
28°C
21°C
Sat
daily_wether_icon
30°C
20°C
Related Posts
From left: Free State Premier, MaQueen Letsoha-Mathae; Minister of Social Development, Dina Pule; and Free State MEC for Social Development, Mathabo Hlalele. Photo: Free State Department of Social Development.
Read More
FS MEC Ketso Makume PHOTO supplied
Read More
In Photo (supplied by Kovsie Sport): Mthi Mthimkulu with his accolades at the Kovsie Sport Awards.
Read More
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...
14 July 2026
Maqheku a seboko ka ho kgaoha ha motlakase mariheng ana
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Maqheku le maqhekwana lebatoweng la bosupa motseng wa Makgalaneng ba re mohato...
10 July 2026
Lekgotla la dinyewe Meqheleng le dia kahloho tse boima
Ka Teboho Moloi FICKSBURG- Lekgotla la dinyewe la magistrata Meqheleng le romeletse molaetsa o matla...