Ka Teboho Moloi
BETHLEHEM -Seponesa sa Free State se ipileditse ho setjhaba ho se inkele molao matsohong ho sa natse hore se tlabe se kgenne hakaakang ke ketso tsa pelaelo tsa botlokotsebe.
Setjhaba se kgothaletswa ho tshepela bahlanka ba seponesa ho phethisa toka le ho ba tshireletsa. Seponesa se hateletse hore ho inkela molao matsohong ke tlolo e ngwe ya molao e bang le ditla morao tse bohloko bakeng sa mmelaellwa le baqusuwa.
Mmuelli wa seponesa Warrant Officer Mmako Mophiring o re ka lebaka la hore molaotheo wa naha o hlakisa hore ha ho na motho anang le tokelo ya ho ka nka bophelo ba motho e mong le ha belaellwa ka botlokotsebe, o re seo ke tlolo ya molao.
“Setjhaba se tla lokela hore se ithute hore molao wa naha o re motho emong le emong o na le tokelo ya hoba le bophelo, mme ke makgotla a dinyewe a nang le tokelo ya ho ahlola.
Kahoo baahi ba lokela ho ithuta hore ba sebedisane le seponesa, makala a mmuso a twantsho ya tlolo ya tsa molao bakeng sa toka,”Mophiring wwa hlalosa. O buwile ntle le qeyaqeyo hore ke nako hore baahi batsebe ho rarolla mathata le diphapang tsa bona ka tsela ya semolao le dipuisano eseng dikgoka.
Morao tjena ka la 11 Pudungwane 2025 lekgotla la dinyewe la lebatowa Bethlehem le satswa fumana le ho ahlolela batho ba tsheletseng, ho lo hlola tjhangkaneng ho latela polao ya ho inkela molao matsohong.
Sena se latela polao ya Moratwe Mofokeng wa Bohlokong ngwahola.
Eric Mabe (26), Tshepo Mofokeng (25) le Thabang Moloi (24) ba ahloletswe dilemo tse 18 ntlwana tshwana ha Thabo Mdledle Shabangu (28), Mosuwane Mokoena (29), hammoho le Lefu Patrick Shabangu (30) bona ba ahlotswe dilemo tse 25.
Mofokeng o na kgakgathwe ke baqusuwa bana, ho sa natse ho leka ho baleha ha hae ho tloha sebakeng sa boithabiso, le ho ipata ka holima marulelo a engwe ya matlo.
Mophiring o re mofu o na pitlwe ka majwe, ho hlabuwa ka di botlolo le di thipa, ho otla le ho rahwa ho fihlela a timela ka lebaka la maqeba ao.
“Le hona moo ditho tse ding tsa setjhaba di lekile ho kena dipakeng empa maiteko a bona a se atlehe,”