Consul-General ya China o etela Qwa Qwa

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email

By Teboho Moloi

QWAQWA-Majoro wa lekgotla la motse la Maluti A Phofung Malekula Melato o netefaditse ha keemedi ya naha ya China Consul-General Pan Qinjiang le batsetedi batlo etela lehae la habo bekeng etllang ho tloha Mantaha wala 19 Motsheanong ,lebitsong la hotla tsetela masepaleng ona.

Melato o phatladitse sena nakong eo a neng a amohela dimpho tse kenyeletsang dieta tsa sekolo, dibapadiswa bakeng sa bana hammoho le dithusa thuto ho tswa naheng eo kantorong tsa ntlo kgolo wa masepala ona ka Labobedi 13 Motsheanong tse Qwa Qwa.

Melato o re ketelo ena ya moifo wa batsetedi hotswa naheng ya China etlabe e eteletswepele ke Consul-General ya naha eo.

Ore moifo otlo lekola tikoloho ena ka botebo pele baka tsetela lebitsong la ho fetola maemo a bophelo a baahi mona.

“Rebatlaba hore baikgodise hore ke nnete rena le diphephetso tse kenyeletsang tsa phano ya metsi le hafeeela rena le ona matamo a moholo a jwalo kala Sterkfontein, mathata a ditsela empa re boyele re ba bontshe hore relekille hofihlela ho kae mme baka re thusa kae hotloha mona,” ho rialo Melato.

Melato o re ketelo ena etlo boyela e nehelana ka thlakisetso hore China eka tsetela jwang diprojekeng tse tlang ho thusa ka theho ya mesebetsi masepaleng ona.

Hosale jwalo ore kopanong ya bona ya pele baile baipiletsa ho bona hore batlo thusa masepala ona ka mokgwa wa ho fehla le ho fepela motlakase ka tsela ya letsatsi ka disolar panel.

O re hang projeke ena etswelapele etla imolla boima ba kgatello ya motlakase masepaleng wa habo.

Tebello ke hore moifo otlo etela di ferme bakeng sa holekola hore dika tsosoloswo jwang , dibaka tsa bohahlaudi , tekolo ya dithaba hore dika sebediswa jwang hofehla matla hammoho le kgatelo pele ya setsha sa masepala seikgethileng sa dikgwebo sa MAP SEZ lehore dithuso ekaba dife bakeng sa baithuti ba batlang hotswelisa thuto tsa bona China.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
28/11
Fri
12°C
light rain
Sat
daily_wether_icon
24°C
25°C
Sun
daily_wether_icon
26°C
24°C
Mon
daily_wether_icon
27°C
27°C
Tue
daily_wether_icon
28°C
30°C
Wed
daily_wether_icon
25°C
29°C
Thu
daily_wether_icon
23°C
22°C
Fri
daily_wether_icon
20°C
28°C
Related Posts
IMG-20251128-WA0001
Read More
1761837948239
Read More
1761837948239
Read More
24 November 2025
NCOP chairperson leads oversight visit
Chairperson of the NCOP delegation Bheki Radebe emphasizing that this oversight visit was not a fault...
19 November 2025
Bua Monna - QAC e keteka letsatsi la bo Ntate
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Banna ba nkile karolo kopanong ene e tshwaya keteko ya letsatsi la matjhaba la...
19 November 2025
Ho ketekwa letsatsi la machaba la banna
Sehlopha sa banna lehaeng la mehleng la Qwa Qwa hotswa metseng e fapaneng ba hlotse letsatsi la Laboraro...
19 November 2025
Against all Odds
Kamora ho lahlehelwa ke Ntate wa hae ka tsela ya lefu, motjha a dilemo di 24 Seipati Motsoeneng, o re...
15 November 2025
Sepolesa se hlokomedisa batho ho se inkele molao matsohong
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM -Seponesa sa Free State se ipileditse ho setjhaba ho se inkele molao matsohong...
15 November 2025
Dikwankwetla e hlahisa hlooho hape
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Mopresidente wa mokga wa Dikwankwetla Party of South Africa (DPSA) Moeketsi Lebesa...
11 November 2025
Maemo a tshireletso ledibohong la Ficksburg a ntsa mpefala
Letona la polokeho ya setjhaba, mebila le dipalangwang Free State Jabu Mbalula o re o tshwenyehile haholo...
11 November 2025
Lefu la mokganni wa makoloi a baeti le amme lelapa
Setho sa lelapa la mokganni wa makoloi a baeti tse nyane tse sebeletsang setsheng se tshelang mafura...
03 November 2025
FS e ntlafatsa matsholo a polokeho mebileng
Ka Teboho Moloi FICKSBURG -Letona la polokeho ya setjhaba, mebila le dipalangwang Free State Jabu Mbalula,...
03 November 2025
Setsoto FM se sireletsa Kgau ya bo mampudi
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Sehlopha sa bolo ya maoto sa seyalemoya sa setjhaba sa Setsoto FM, ke bomampudi...