Setsoto FM se sireletsa Kgau ya bo mampudi

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Dibohudi Tsa Setsoto di phahamisa kgau.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA -Sehlopha sa bolo ya maoto sa seyalemoya sa setjhaba sa Setsoto FM, ke bomampudi ba tlhodisano ya selemo le selemo ya diyalemoya tsa Free State.

Setsoto se hapile tlhodisano ena, e ne tshwaretswe lebaleng la dipapadi la Phuthaditjhaba ka Moqebelo wa la 10 Mphalane.

Setsoto se tshireleditse kgau ena ya bona jwalo ka bomampudi ba ngwahola, moo selemong sena ba nka karolo ene ele Setsoto FM, Dihlabeng FM le Qwa Qwa radio.

Motsamaisi wa seyalemoya sena, Thabiso Sibiya o re papadi tsena di molemo kgolong ya dibohudi tsa bona ebile di bapala karolo e kgolo ho kenyeng letsoho ho utulla talente ya ba bang ba dibohudi.

Sibiya o re le haele tsela ya boithapollo empa ba sebedisa tlhodisano ena ho boyela ho kopanya dibuhudi ho hlabana molotsana ka tharollo diphepetsong tseo ba tobanang le tsona tshebetsong ya bona.

Dihlabeng FM e tswile boemong ba boraro, ha Qwa Qwa radio e le boemong ba boraro.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
23/11
Mon
24°C
few clouds
Tue
daily_wether_icon
27°C
27°C
Wed
daily_wether_icon
27°C
28°C
Thu
daily_wether_icon
28°C
32°C
Fri
daily_wether_icon
29°C
19°C
Sat
daily_wether_icon
26°C
30°C
Sun
daily_wether_icon
28°C
31°C
Mon
daily_wether_icon
29°C
33°C
Related Posts
The late Dr. Phumzile Mlambo-Ngcuka
Read More
Director of Alamina Strategy Khadija Patel
Read More
African Content Movement (ACM) founder and president Hlaudi Motsoeneng
Read More
20 November 2026
Boetapele ba TMDM bo phethela dilemo tse hlano tsa tshebeletso
QWAQWA – Ramotse wa Phethahatso wa Masepala wa Setereke sa Thabo Mofutsanyana (TMDM), Conny Msibi, o...
20 November 2026
Sebuhudi sa mehleng sa ditaba Lesedi FM se timetse
QWAQWA- Ho latela phatlalatso ya ho timela ha mokaubere ebile ele sebohudi se tummeng sedikadikweng sa...
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...