Rametlae “Tjabination” o re tshebediso e nepahetseng ya marangrang a dipuisano hoka betla bokamoso batjheng

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Rametlae Setjhaba ‘tjabination’ Resekgobo.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA- Letswalla ebile ele motjha wa motsana wa Slovo Park lehaeng la mehleng la Qwaqwa eo eleng rametlae ya tummeng ebile ana le bolatedi bo fetang million dikgokahanyong tsa dipuisano tsa setjhaba (social media), Setjhaba “Tjabination” Rasekhobo o re ho sebedisa ka tsela e nepahetseng le ka hloko dikgokahanyo tsena di fetotse bophelo bah hae.

Rasekhobo o na qalelle ka di kgatiso tsa metlae ya hae, moo a bonwang a bapala jwaloka sebohudi se tummeng sa seyalemoya sa lekgotla la kgaso la Africa Borao Lesedi FM Thuso Motaung.

O re lerato la hae la nako e telele hore ebe sebapadi sa kalaneng se tummeng, ke lona le mo susumeleditseng ho etsa dikgatiso tsena kaha o na sa sebetse mme ka hona hoo ona ipetlela tsela ho kena kahara industeri ena.

“Ngwaneso ke qadile hantle ka lock down dilemong tsabo 2020, kaha kela iphumana kena le nako e ngata matshohong aka mme social media le mohala waka wa thekeng ele tsona dintho tse ke neng ke qeta nako ho tsona.

Ka bona monyetla hoka thabisa batho le ho tswellisapele toro yaka pele ka hatisa metlae yaka moo, ” Rasekhobo.

O re lerato la hae la ho mamela seyalemoya le mo susumeditse ho kgetheng mofuta wa kgatiso tsa hae.

“Hantle ke ne ke batla ho fana ka setshwantsho seo nna kene kena le sona mohopolong waka hore ebe ntate Motaung o etsa eng ha ntsa hasa lenaneo,”

Hajwale Rasekhobo ke sebapadi sa ditshwantshiso televisioneng moo a nkang karolo paleng ya morao tjena “Spy Makhelwane” kalaneng tsa DSTV.

O hlokomedisitse batjha ho sebedisa dikgokahanyo tsena ka hloko hoka ithehela menyetla ya mesebetsi le hoba sedi haholo hore ebe ke eng ba e phatlalatsang maqhepeng a bona a dikgokahanyo.

“Batjha ba lokela ho ela hloko hore maqhepe ao a bona ke di CV ka tsela e ngwe hoba ebang re batla hotseba, ho etela maqhepe a hao ke karolo jwalo feela le boramosebetsi,”

One Response

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
02/11
Mon
30°C
scattered clouds
Tue
daily_wether_icon
17°C
24°C
Wed
daily_wether_icon
29°C
33°C
Thu
daily_wether_icon
34°C
36°C
Fri
daily_wether_icon
31°C
32°C
Sat
daily_wether_icon
27°C
26°C
Sun
daily_wether_icon
17°C
20°C
Mon
daily_wether_icon
22°C
28°C
Related Posts
From left: Free State Premier, MaQueen Letsoha-Mathae; Minister of Social Development, Dina Pule; and Free State MEC for Social Development, Mathabo Hlalele. Photo: Free State Department of Social Development.
Read More
FS MEC Ketso Makume PHOTO supplied
Read More
In Photo (supplied by Kovsie Sport): Mthi Mthimkulu with his accolades at the Kovsie Sport Awards.
Read More
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...
14 July 2026
Maqheku a seboko ka ho kgaoha ha motlakase mariheng ana
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Maqheku le maqhekwana lebatoweng la bosupa motseng wa Makgalaneng ba re mohato...
10 July 2026
Lekgotla la dinyewe Meqheleng le dia kahloho tse boima
Ka Teboho Moloi FICKSBURG- Lekgotla la dinyewe la magistrata Meqheleng le romeletse molaetsa o matla...