Ntate o ahlolelwa peto ya ngwana wa hae dilemo tse 18

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Mmuelli wa sepolesa seterekeng sa Thabo Mofutsanyana.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA – Lekgotla la dinyewe la Phuthaditjhaba le ahloletse moqusuwa wa peto a dilemo di 44 ebile ele ntate wa madi wa lehlatsipa lene le le dilemo di 12 ka nako ya peto, ho hohla dilemo tse 18 tjhangkaneng ka Mantaha wa la 23 Hlakola.

Mabeta enwa ona llelwe ke ditshepe ka selemo sa 2024, kamora hore tlolo eo ya molao e tlalehwe seponeseng.

Mmuelli wa seponesa Warrant Officer Mmako Mophiring o re lehlatsipa eleng moahi wa Bluegumbosch, o na bolellla seponesa ha ntate wa hae a dula a mo beta kaha ba robala moalong o le mong le ntate eo wa hae.

Lekgotla leile la utlwa ha ntate enwa ana tswelapele ho beta ngwana enwa, le ha a tla be a bapala le bana ba bang homo bitsetsa ka tlung.

Lehlatsipa ha leya tloha le tlalehetse mmae empa ho bolellla motswalle wa hae eo ala tlaleha taba eo seponeseng.

Nyewe ena ene fuputswa ke Warrant Officer Hlubi wa lekala la mafokisi la Phuthaditjhaba, le ho tjhotjhiswa ke Nteo tlasa magistrata Msimanga.

“Kahlolo ena e romella molaetsa o hlakileng hore molao le toka o tla dula o sebetsa tlolong tsohle tsa molao haholo tse kgahlano le bana le basadi,” Mophiring.

Ha ditaba di sa le jwalo mmuelli wa botjhotjhisi ba naha Free State Mojalefa Senokatsane o re ba amohela kotlo ena ebile e tihisa nthla kemo hore ba malalaotswe ho lwantsha tlhekefetso ya bong (GBVF), ka kutlwisiso ya ditlamorao tseo mofuta ona wa tlolo tsa molao onang le tsona ho mahlatsipa, ditho tsa lelapa le setjhaba ka karetso.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
26/06
Fri
15°C
broken clouds
Sat
daily_wether_icon
17°C
12°C
Sun
daily_wether_icon
18°C
14°C
Mon
daily_wether_icon
16°C
16°C
Tue
daily_wether_icon
18°C
19°C
Wed
daily_wether_icon
18°C
19°C
Thu
daily_wether_icon
7°C
8°C
Fri
daily_wether_icon
8°C
10°C
Related Posts
Motlalentoa Motloung not just a maize meal hawker but big time dreamer, Style elegant and fashion always on point
Read More
Pastor Keke Motshwane of Church of Christ Apostolic in Jerusalem launches church food bank programme
Read More
Makhalaneng Ambassadors ladies FC and Junior Birds ladies FC before going head to head in league game
Read More
15 June 2026
Ho fumanwa ka setopo nokeng Clubview
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Seponesa sa Phuthaditjhaba se re se fuputsa nyewe ya polao kamora ho fumanwa...
09 June 2026
Kopano ya batswadi le sekolo sa Lekgulo e betla kgatelopele
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Le ha feela ba bang ba batswadi ba barutwana ba sekolo se phahameng sa Lekgulo...
05 June 2026
Barutwana ba kampong Lekgulo ba seboko ka kgethollo
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Ba bang ba batswadi ba barutwana ba sehlopha sa leshome sekolong se phahameng...
26 May 2026
Barutwana ba Mafube ba keteka bo-Afrika
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Barutwana sekolong se phahameng sa Mafube Phuthaditjhaba lehaeng la mehleng Qwaqwa...
18 May 2026
Rametlae "Tjabination" o re tshebediso e nepahetseng ya marangrang a dipuisano hoka betla bokamoso batjheng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Letswalla ebile ele motjha wa motsana wa Slovo Park lehaeng la mehleng la Qwaqwa...
11 May 2026
Monna o inolwa nokeng Mohokare ese ele mofu
Ka Teboho Moloi FICKSBURG- Seponesa sa Free State se netefaditse ha se fuputsa nyewe ya dipatlisiso(inquest)...
11 May 2026
Boshodu bo tutile dimasepaleng-SACP
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Mongodi wa mokgatlo wa makomonisi seterekeng sa Thabo Mofutsanyana Lifa Mhlambe...
30 April 2026
Dithunya tse seng molaong di opisa seponesa hlooho
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Seponesa Free State le ha se dumela hore mafellong se tla atleha ho hlola...
19 April 2026
Mabeta o ahlolelwa tjhangkaneng dilemo tse 36
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Lekgotla la lebatowa la dinyewe la Phuthaditjhaba le ahloletse mabeta Nhlanhla...
13 April 2026
Batjha ba ntse ba le lesisitheho ho etela ditsha tsa booki
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Mohlanka wa mokgatlo wa mmuso wa Love Life seterekeng sa Thabo Mofutsanyana Diau...