Monna o inolwa nokeng Mohokare ese ele mofu

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Diqwidi tsa seponesa nakong eo di inolang setopo. Picture SAPS

Ka Teboho Moloi

FICKSBURG- Seponesa sa Free State se netefaditse ha se fuputsa nyewe ya dipatlisiso(inquest) ho latela ho fumanwa ha setopo sa monna yasa tsejweng ya kabang dilemo tse 40 nokeng ya Mohokare eneng e jele ditlhokwa ka Sontaha 10 Motsheanong.

Setopo sena se fumanwe se tshwaseile dikutung tsa difate tse hohotsweng ke noka eneng e phophoma holatela dipula tse matla tse tsholohileng matsatsing a hofeta.

Mmuelli wa seponesa Lt Col Thabo Covane o re ditho tsa bona tsa seponesa tikolohong ya Ficksburg di tsebisitswe ke modisana ya neng a alositse mehlape kamora hore a elellwe setopo se tshwaseileng ka Moqebelo 9 Motsheanong.

Noka ena ya Mohokare e parola mahareng a naha ya Afrika Borwa le Lesotho, kantlenyana feela ho lekeishene la Meqheleng mme e sebediswa haholo ke bao ba tshelang ka dikgorwana tsa matsha ba sena ditokomane.

Seponesa se re letsholo laho ntsha setopo sena, le ile la lokela ho kginwa kaha diqwidi tsa seponesa di ile tsa tobana le diphephetso tse kenyeletsang lefifi kaha letsholo le qadile metsotsong e mashome a mabedi(18:40) pele ho otla hora ya bosupa mantsiboya hammoho le mothamo o hodimo wa metsi.

“Holatela kgefutso ya letsholo la ho ntsha setopo sena ka Moqebelo, ditho tsa rona tse rupelletsweng ebile di na le boiphihlelo, di ile tsa qalella hape kajeno, moo qetellong ba ileng ba atleha ho ntsha setopo metsotsong e mashome a mabedi pele ho hora ya bobedi motsheare,” Covane.

Mofu o fumanwe a apere overall e putswa(blue) a sena dieta maotong abile a sena le maqeba a bonahalang mmeleng.

Seponesa se ipiletsa ho mang kapa mang yaka bang le tlhahiso-leseding ka monna enwa ho itlhahisa leho ikopanya le mofuputsi wa nyewe Warrant Officer Mofolo wa seponesa sa Ficksburg nomorong tsa 082 301 9578 kapa ho letsetsa 08600 10111 le hoka etela MySAPS App.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
22/11
Sun
21°C
overcast clouds
Mon
daily_wether_icon
33°C
17°C
Tue
daily_wether_icon
28°C
27°C
Wed
daily_wether_icon
26°C
29°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
32°C
Fri
daily_wether_icon
29°C
18°C
Sat
daily_wether_icon
27°C
30°C
Sun
daily_wether_icon
29°C
32°C
Related Posts
African Content Movement (ACM) founder and president Hlaudi Motsoeneng
Read More
Boetapele ba TMDM
Read More
ANC Ward15 councilor Mabitle Moloi
Read More
20 November 2026
Boetapele ba TMDM bo phethela dilemo tse hlano tsa tshebeletso
QWAQWA – Ramotse wa Phethahatso wa Masepala wa Setereke sa Thabo Mofutsanyana (TMDM), Conny Msibi, o...
20 November 2026
Sebuhudi sa mehleng sa ditaba Lesedi FM se timetse
QWAQWA- Ho latela phatlalatso ya ho timela ha mokaubere ebile ele sebohudi se tummeng sedikadikweng sa...
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...