Molekgotla wa ACM o bula nyewe ya ho otlwa

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email

Ka Teboho Moloi

QWAQWA – Molekgotla wa mokga wa African Content Movement (ACM) masepaleng o ditaba di hanang ho feela Ntsoaki Makgalemele o hlahletse nyewe ya ho otlwa ke molekgotla wa ANC Mabitle Moloi seponeseng sa Phuthaditjhaba ka Labone la 26 Thlakubele 2026.

Sena se tla kamora morusu o la ropoha kopanong ya lekgotla la motse, ene ikgethile holong ya Phuthaditjhaba ho tla tshohla mohato wa ho hloka tshepo ho majoro wa mehleng Malekula Melato le ho mo ketola setulong.

Makgalemele o re Moloi o mo hlasetse le ho mo otla ka tafole nakong eo banna ba babedi ba neng ba itshohlometsa kahara kopano ho baka morusu le ho qalella ho senya thepa ya masepala.

“O na mpona hantle hoba ke laba ka mobotsa hore o ntsekis’ang le hore ke hobaneng a nkotla, empa o la tsheha feela,” Makgalemele.

O re o swabisitswe ke boitshwaro ba Moloi ka ha ele ntate a moholo eo yena esale a mo hlompha.

“Eya phoqa ebile ke swabile hore ntate Moloi o ntlhasetse ha na loketse ho ntshireletsa nakong eo ditlokotsebe di neng di re hlasela re le balekgotla,” ho eketsa Makgalemele.

O re o batla toka e phethahale le ho ipiletsa ho basadi bohle ho se tshabe ho tlaleha tlhekefetso kapa thlaselo efe kapa efe le ka malapeng.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
20/11
Fri
16°C
clear sky
Sat
daily_wether_icon
28°C
24°C
Sun
daily_wether_icon
34°C
22°C
Mon
daily_wether_icon
34°C
21°C
Tue
daily_wether_icon
29°C
30°C
Wed
daily_wether_icon
25°C
30°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
33°C
Fri
daily_wether_icon
30°C
29°C
Related Posts
Boetapele ba TMDM
Read More
ANC Ward15 councilor Mabitle Moloi
Read More
Moeketsi Rahlao
Read More
20 November 2026
Boetapele ba TMDM bo phethela dilemo tse hlano tsa tshebeletso
QWAQWA – Ramotse wa Phethahatso wa Masepala wa Setereke sa Thabo Mofutsanyana (TMDM), Conny Msibi, o...
20 November 2026
Sebuhudi sa mehleng sa ditaba Lesedi FM se timetse
QWAQWA- Ho latela phatlalatso ya ho timela ha mokaubere ebile ele sebohudi se tummeng sedikadikweng sa...
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...