Dithunya tse seng molaong di opisa seponesa hlooho

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Mmuelli wa seponesa Warrant Officer Mmako Mophiring o re ba tobane le moepa-molelle-monyolosa thaba.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA – Seponesa Free State le ha se dumela hore mafellong se tla atleha ho hlola ntwa kgahlano le ho ata ha dithunya tse seng molaong le mahlahlela hara metse seterekeng sa Thabo Mofutsanyana, se re leeto leo kela moepa-molelle-monyolosa thaba.

Sena ke ho sa natse ho atleha ho fumana dithunya tse pedi tikolohong ya Tseki, ketsahalong tse fapaneng tlasa matsatsi 14 feela kgweding e hodimo.

Ka bobedi ba belaellwa ke melata.

Seponesa se re hofihlela setjhaba se hloka tshabo hoba tlalehela ka batho ba nang le dithunya tse seng molaong metseng ya bona, ho tla nka nako hore ele seponesa ba tshware batho bao le ho tlosa dithunya tseo hara metse ya bona.

Mmuelli wa seponesa Warrant Officer Mmako Mophiring o re dithunya di sa le ngata tse matshohong a fosahetseng mme ho lokelwa ho tiiswe maqhama a setjhaba le seponesa bakeng sa lesedi ho fihlela dikatleho.

“Morao tjena se re hlokometse hore hona le tlwae empe e atileng ya diketsahalo tsa batho ba supang kapa ho tshosetsana ka tsona dithunya hohle metseng mona, ho sa kgathaletsehe hore ke tse molaong kapa tjhe,” Mophiring.

O ipileditse ho setjhaba hore se nehelane ka dithunya tsa bafu seponeseng ebang ho sena motho anang le lengolo la tumello hoka bana le sethunya.

O re ha hona molao o teng hore sethunya sa mofu ekaba lefa mme sa fitisetswa feela ho mang kapa mang a amanang le mofu, ntle le mangolo a tshwanetseng.

“Nnete feela ha re so be le katleho e nepahetseng moo reka ikotlant sefuba ra re re fumane dithunya tse seng molaong kapa dithunya tse seng molaong di tlohile matshohong a batho ba sa nepahalang, hoo ho sa tlo re nka dilemo,” Mophiring.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
20/09
Sun
18°C
overcast clouds
Mon
daily_wether_icon
23°C
21°C
Tue
daily_wether_icon
25°C
20°C
Wed
daily_wether_icon
25°C
24°C
Thu
daily_wether_icon
25°C
27°C
Fri
daily_wether_icon
25°C
27°C
Sat
daily_wether_icon
26°C
27°C
Sun
daily_wether_icon
22°C
24°C
Related Posts
Screenshot_20260911-053732
Read More
Associate Professor at UFS Puseletso Mofokeng
Read More
MAP16 Pr Councillor Paratlane Motloung
Read More
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...
14 July 2026
Maqheku a seboko ka ho kgaoha ha motlakase mariheng ana
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Maqheku le maqhekwana lebatoweng la bosupa motseng wa Makgalaneng ba re mohato...
10 July 2026
Lekgotla la dinyewe Meqheleng le dia kahloho tse boima
Ka Teboho Moloi FICKSBURG- Lekgotla la dinyewe la magistrata Meqheleng le romeletse molaetsa o matla...
15 June 2026
Ho fumanwa ka setopo nokeng Clubview
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Seponesa sa Phuthaditjhaba se re se fuputsa nyewe ya polao kamora ho fumanwa...
09 June 2026
Kopano ya batswadi le sekolo sa Lekgulo e betla kgatelopele
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Le ha feela ba bang ba batswadi ba barutwana ba sekolo se phahameng sa Lekgulo...