Boshodu bo tutile dimasepaleng-SACP

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Lifa Mhlambe wa SACP o re boshodu bo matla makgotleng a metse.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA- Mongodi wa mokgatlo wa makomonisi seterekeng sa Thabo Mofutsanyana Lifa Mhlambe o tshireleditse qeto ya mokga wa habo hore o tlo iketa dikgethong tsa monongwaha tsa makgotla a metse ka ho kena lebelong le baikemetseng, le ho se tsheyetse mahata mmoho a nako e telele le bona ANC ka lereng ba batla ho netefatsa hore ditshwanelo tse nepahetseng tsa phano ya ditshebeletso di fihlella setjhaba sohle.

Mhlambe o boletse ha ho fihlile thlokomelong ya bona hore, hona le boshodu bo tutileng ba matlole a mmuso a reretsweng ho ntlafatsa maphelo a maAfrika Boroa le phano ya ditshebeletso, empa a sa sebedisetswe hoo mme hona le bao ba ithuhisang ka ona.

O re bona le ANC entse ele mahata mmoho empa ba keke ba dumellana le diqeto tse kgahlano le maano a selekane le a bona jwalo ka makomonisi.

“Eo a se patuwe hore ebang hona le tsamaiso e kgahlano le maano a rona rele SACP retla dula rele kgahlano le seo,” Mhlambe.

O pharile ba pusong hajwale haholo makgotleng a metse ka boshodu, bobodu leho hloleha ho nehelane le ho potlakisa phano tsa ditshebeletso setjhabeng.

O re ele SACP ba batla ho fedisa boshodu le bo fumane ke ka hoo bakeneng lebelong la ho iketela dikgetho tsena baikemetse.

O hlalositse hore le hafeela bakekeng ba nka puso ya makgotla ana ka ho phethahetseng empa karolo eo ba loketseng ho e bapala ke ho netefatsa hore, batho ba fumana phano ya ditshebeletso tse nepahetseng ka nako tsohle.

“Boshodu bo boholo ntate dimasepaleng mona, hona le ditjhelete tse ngata tse tswang, tse tshwanetseng hore di ye ditshebeletsong empa hadi finyelle moo,”

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
22/11
Sun
21°C
overcast clouds
Mon
daily_wether_icon
33°C
17°C
Tue
daily_wether_icon
28°C
27°C
Wed
daily_wether_icon
26°C
29°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
32°C
Fri
daily_wether_icon
29°C
18°C
Sat
daily_wether_icon
27°C
30°C
Sun
daily_wether_icon
29°C
32°C
Related Posts
African Content Movement (ACM) founder and president Hlaudi Motsoeneng
Read More
Boetapele ba TMDM
Read More
ANC Ward15 councilor Mabitle Moloi
Read More
20 November 2026
Boetapele ba TMDM bo phethela dilemo tse hlano tsa tshebeletso
QWAQWA – Ramotse wa Phethahatso wa Masepala wa Setereke sa Thabo Mofutsanyana (TMDM), Conny Msibi, o...
20 November 2026
Sebuhudi sa mehleng sa ditaba Lesedi FM se timetse
QWAQWA- Ho latela phatlalatso ya ho timela ha mokaubere ebile ele sebohudi se tummeng sedikadikweng sa...
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...