Basebeletsi ba masepala ba sebetsa dihora tse 4 feela

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Molekgotla wa DA seterekeng Leona Kleynhans.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA -Mokga wa bohanyetsi wa Democratic Alliance( DA ) ka hara setereke sa Thabo Mofutsanyana o otlantse thupa le lefatshe hore otlo ngolla letona la puso ya kopanelo le taba tsa marena, hoka kena dipakeng tsamaisong ya dikantoro tsa lekgotla la setereke la Thabo Mofutsanyana.

Sena hoya ka DA ke holatela ho tswelapele ha basebeletsi ba masepala, ho qobeleha ho sebetsa dihora tse nne ka letsatsi bakeng sa dilemo tse pedi tse fitileng ho fihlela hajwale.

Kopanong ya morao tjena ya kommiti ya tshebetso ho hlaheletse hape, hore basebeletsi ba masepala wa setereke sena ba iphumana ba lokela ho sebetsa dihora tse nne feela ka lebaka la thlokeho ya phepelo ya metsi le motlakase dikantorong.

Molekgotla wa DA seterekeng Leona Kleynhans o re maemo ana a tswelapele ho sa natse mohato wa ho ngongoreha ke mohlahlubi e moholo wa dibuka tsa ditjhelete (AG), ka tshebediso ya ditjhelete tankeng tsa metsi (JoJo), digenerator, mafura le matlwana a hloma o hlomolle.

“Maemo a hajwale a renang a baka mathata a phano ya ditshebeletso bakeng sa baahi ba hlokang dithuso ho tswa kantorong tsena tsa setereke,”Kleynhans.

Ha ditaba di sa le mothating ona, Kleynhans o re ba batla letona hotla ka tharollo ho latela ho thehwa ha metse ya bodulo e metjha e bonahalang e ropoha ka bongata ho potoloha le dikantoro tsa setereke, mme hona le pelaelo hore matlo ao a hoketswe metsi le motlakase ka tsela eseng moalong.

“Re boyetse re ngongorehiswa ke karolo eo setereke se e bapalang ho shebana le ntshetsopele ya metse, haholo kahara masepala wa Maluti A Phofung o ntse o sena mohlanka ya ikarabellang ‘town planner ‘,” ho eketsa Kleynhans.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
02/11
Mon
29°C
scattered clouds
Tue
daily_wether_icon
17°C
24°C
Wed
daily_wether_icon
29°C
33°C
Thu
daily_wether_icon
34°C
36°C
Fri
daily_wether_icon
31°C
32°C
Sat
daily_wether_icon
27°C
26°C
Sun
daily_wether_icon
17°C
20°C
Mon
daily_wether_icon
22°C
28°C
Related Posts
From left: Free State Premier, MaQueen Letsoha-Mathae; Minister of Social Development, Dina Pule; and Free State MEC for Social Development, Mathabo Hlalele. Photo: Free State Department of Social Development.
Read More
FS MEC Ketso Makume PHOTO supplied
Read More
In Photo (supplied by Kovsie Sport): Mthi Mthimkulu with his accolades at the Kovsie Sport Awards.
Read More
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...
14 July 2026
Maqheku a seboko ka ho kgaoha ha motlakase mariheng ana
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Maqheku le maqhekwana lebatoweng la bosupa motseng wa Makgalaneng ba re mohato...
10 July 2026
Lekgotla la dinyewe Meqheleng le dia kahloho tse boima
Ka Teboho Moloi FICKSBURG- Lekgotla la dinyewe la magistrata Meqheleng le romeletse molaetsa o matla...