Barutwana ba Mafube ba keteka bo-Afrika

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Barutwana ba sekolo sa Mafube ba keteka letsati la botjhaba.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA-Barutwana sekolong se phahameng sa Mafube Phuthaditjhaba lehaeng la mehleng Qwaqwa Free State ba hlotse ba keteka BoAfrika letsatsi lohle ka Labohlano la 22 Motsheanong, ba kgabile ka meaporo ya setso, dipina le metjeko e kenyeletsang Kofifi dance, mangaye a sesotho, ditolobonya, ho ithoka le makolwane hollong ya sekolo.

Mosuwetsana ebile ele mohlophisi wa moketjana ona sekolong Bongiwe Butheleizi, o re ho fihlile thlokomelong ya bona hore bana ba bangata ba lahla botjhaba, setso le moetlo le ho sala ba sena tsebo kaha ba sa nehelwe lesedi ba sale dikolong.

Buthelezi o re ho hloka tsebo hona ho barutwana, ho kotsi bokamosong ba naha le ba Bana ka bo bona ke kahoo hobonahalang ba bang ba hloka taollo le thlompho.

“Rea leka re le sekolo hore bana ba itseba hore ke bo mang, ba tswa kae nalane ya bona ereng. Ebile mefuta ena e thusa haholo hore bana ba tsebe phapang mahareng a motswadi le ngwana, mosuwe le morutwana,” Buthelezi.

O hlalositse hore ho bohlokowa hore ba boyele ba ithute ka meetlo le tumelo tsa bo Afrika ka ho fapana.

Buthelezi eo e boyetseng e leng mohokahanyi wa lenaneo la tlhodisano ya lefapha la thuto HESOP (Heritage education schools outreach) o phatlaladitse ha monongwaha sekolo sena le kemedi ya barutwana ba bane tlhodisanong ena mme ba dumela ba tlo finyella makgaola-kgang boemong ba naha.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
31/10
Sat
34°C
few clouds
Sun
daily_wether_icon
22°C
26°C
Mon
daily_wether_icon
29°C
28°C
Tue
daily_wether_icon
29°C
30°C
Wed
daily_wether_icon
32°C
34°C
Thu
daily_wether_icon
33°C
26°C
Fri
daily_wether_icon
29°C
21°C
Sat
daily_wether_icon
30°C
20°C
Related Posts
From left: Free State Premier, MaQueen Letsoha-Mathae; Minister of Social Development, Dina Pule; and Free State MEC for Social Development, Mathabo Hlalele. Photo: Free State Department of Social Development.
Read More
FS MEC Ketso Makume PHOTO supplied
Read More
In Photo (supplied by Kovsie Sport): Mthi Mthimkulu with his accolades at the Kovsie Sport Awards.
Read More
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...
14 July 2026
Maqheku a seboko ka ho kgaoha ha motlakase mariheng ana
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Maqheku le maqhekwana lebatoweng la bosupa motseng wa Makgalaneng ba re mohato...
10 July 2026
Lekgotla la dinyewe Meqheleng le dia kahloho tse boima
Ka Teboho Moloi FICKSBURG- Lekgotla la dinyewe la magistrata Meqheleng le romeletse molaetsa o matla...