Barekisi ba tshosetsa ho makalla masepala lekgotleng la dinyewe

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Community of Dihlabeng peaceful protest during ordinary council sitting on January 29,2026.

Ka Teboho Moloi

BETHLEHEM- Ditho tsa mokgatlo wa barekisi ba mebileng ka hara teropo ya Bethlehem lekgotleng la motse la Dihlabeng (Dihlabeng Hawkers Organisation DHO) di tshoseditse ho isa lekgotla la motse lekgotleng la dinyewe.

DHO ere ba tlo nka mohato ona ho phephetsa qeto ya lekgotla la motse ebang otla tswelapele ho ba tlosa dibakeng tsa bona tsa tshebetso moo ba rekisetsang teng kahara teropo ya Bethlehem.

Masepala o satswa nehelana ka thlokomediso ho bona hore dicontainer tseo ba rekisetsang ho tsona, di lokela ho tlowa mobung wa masepala ka ha ba sena tumello hotswa masepaleng ho tswelapele ho rekisa (permits), ho sanatse maikutlo a ditho tsena hore masepala o hlolehile ho bafa mangolo a tumello hoka rekisa le ha ba entse dikopo.

Modulasetulo wa mokgatlo Thabiso Lengoabala o re masepala o kgetha nku ka pere hara barekisi hore o tjhaela monwana dikopo tsa barekisi babang le ho tlodisa tsa ditho tsa bona mahlo.

Lengoabala o re mehato ya bona ka makgetlo masepaleng ho etsa dikopo e nyopile.

Ditho tsa mokgatlo ona tsene di halefile di bonwe di ipiletsa kantle ho holo ya teropo ka la Labone lala 29 Pherekgong 2026, nakong eo kopano ya lekgotla la motse ene e dutsi semmuso holong ena.

DHO ere boipiletso bona ba bona ke holatela ditshosetso hore masepala otlo ba tlosa le ho nka thepa tsa bona mathwasong a kgwedi ya Hlakola February.”

Bothata bo boholo ke lefapha la ntshetsopele ya moruo masepaleng ona ele hore LED, dipermit tsa dikgwebo di nehetswe baahi batswang naheng tse ding mme rona re tlodisitswe mahlo,” Lengoabala.

Barekisi bana ba re ho se nehelwe dipermit tsena ho boyetse hoba tlodisa ka menyetla ya ho fumana thuso tsa di tjhelete hona masepaleng le makaleng a mmuso kaha hoba le permit ele engwe ya dipehelo.

Ha ditaba di sa le mothating ona masepala o qheletse ka thoko dipuo tsa barekisi bana ka lereng di hloka nnete ebile di sena motheo.

Mmuelli wa lekgotla la motse Tshediso Maitse o re masepala o nehelane ka thlokomediso esale nako ho barekisi bana le ho nehelana ka thuto ya boitjhoriso ka melwana ya teropo ho bohle barekisi.

Maitse o hanane le hore masepala o qheletse ka thoko dikopo tsa barekisi bana, kaha le hajwale o ntse o tswelapele ho amohela dikopo le ho di hlahloba.

“Nnete ke hore masepala ka mohato wa ona wa ho nehelana ka dipermit kamora ho lekola dikopa, o tlo nehelana ka dibaka tse loketseng bakeng sa barekisi ho sebeletsa ho tsona,” Maitse.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
24/11
Tue
28°C
few clouds
Wed
daily_wether_icon
27°C
28°C
Thu
daily_wether_icon
30°C
32°C
Fri
daily_wether_icon
29°C
20°C
Sat
daily_wether_icon
27°C
28°C
Sun
daily_wether_icon
26°C
29°C
Mon
daily_wether_icon
28°C
31°C
Tue
daily_wether_icon
31°C
34°C
Related Posts
The late Dr. Phumzile Mlambo-Ngcuka
Read More
Director of Alamina Strategy Khadija Patel
Read More
African Content Movement (ACM) founder and president Hlaudi Motsoeneng.
Read More
20 November 2026
Boetapele ba TMDM bo phethela dilemo tse hlano tsa tshebeletso
QWAQWA – Ramotse wa Phethahatso wa Masepala wa Setereke sa Thabo Mofutsanyana (TMDM), Conny Msibi, o...
20 November 2026
Sebuhudi sa mehleng sa ditaba Lesedi FM se timetse
QWAQWA- Ho latela phatlalatso ya ho timela ha mokaubere ebile ele sebohudi se tummeng sedikadikweng sa...
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...