Kopano tsa IDP di fetoha seboka sa ho tletleba

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Setjhaba se ntsha maikutlo ka IDP.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA-Modulasetulo wa lekgotla la motse le dulang lele ditabeng ebile le hula ka boima la Maluti A Phofung Moeketsi Lebesa, o boletse ha ho bonahala boholo ba baahi ba metse e thehang lekgotla la habo ba ntse ba haellwa ke kutlwisiso ka lenaneo la IDP.

Lebesa o buwile sena ka Labobedi a le lebaleng la dipapadi sekolong sa Lekgulo, lenaneong la masepala la IDP le reretsweng ho nonya setjhaba maikutlo ka dithloko tsa bona malebana le phano ya ditshebeletso le ho fumana dithlaiso pele hoka etswa moralo wa ditekanyetso bakeng sa selemo se setjha sa ditjhelete.

Empa o dumellana hantle le maikutlo a renang hore dikopano tsena difetohile seboka sa hontsha ditletlebo le makukuno ka phano tea ditshebeletso ke setjhaba.

“Kennete ntate ho bonahala batho ba borona habaso utlwisisi hantle hore IPD ke eng. Kaha IDP ele mohato o latelwang pele mmuso oka etsa ditekanyetso tsa ditjhelete mme elokela ho ikamahanya le thloko tsa setjhaba,”Lebesa.

O re ho fihlile thlokomelong ya hae hore setjhaba hona le hore se fana ka dithloko tsa sona, se sebedisa nako eo ho ntsha dillo.

“Empa nnete feela ke hore rekase ba tshwaye phoso hoba hona le ntho tse ngata tse sa etsahalang ka hara metse ya bona ebile ele ditletlebo tsa selemo le selemo tseo esale badi tshepiswa,” Lebesa.

O tswahile molato ho bo radipolotiki le bahlanka ba mmuso ka hoba hole le setjhaba hoka tseba mathata le ho tla ka tharollo diphephetsong tsa sona.

Ha a qhelela ka thoko hore ke tlwaelo hore setjhaba setla ntsha makukuno a sona, hase bona boetapele ba masepala hona le molekgotla wa bona eo ba mo tlwaetseng.

Ha ditaba di sale mothating ona baahi ba tletlebile ka diprojeke tse so phethelwe ka hara lebatowa la bona la 08 tse kenyeletsang matlo, matlwana, tukiso ya ditsela le ho kwalla ha dikgeo tsa mesebetsi.

Ba supile mmuso ka monwana hore otla feela ho etsa ditshepiso tse sa phethahatsweng ka nako eo ho lebilweng dikgethong.

Baahi ba hatelletse hore ho ntse ho sena ponaletso khirong ya lenane la katoloso ya mesebetsi ya setjhaba (EPWP), le ho hanana le reporoto e tekilweng ya tse fihleletsweng selemong sena sa ditjhelete, ka lereng di hokae tseo tsohle.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
19/05
Tue
8°C
overcast clouds
Wed
daily_wether_icon
18°C
15°C
Thu
daily_wether_icon
17°C
15°C
Fri
daily_wether_icon
15°C
16°C
Sat
daily_wether_icon
16°C
17°C
Sun
daily_wether_icon
18°C
18°C
Mon
daily_wether_icon
19°C
18°C
Tue
daily_wether_icon
18°C
17°C
Related Posts
Rametlae Setjhaba 'tjabination' Resekgobo.
Read More
TMD municipality Youth Development Officer Mpiyakhe Tshabalala appeals on youth to celebrate June16 meaningful.
Read More
Mafube learners doing CPR after EMs paramedics demonstration.
Read More
18 May 2026
Rametlae "Tjabination" o re tshebediso e nepahetseng ya marangrang a dipuisano hoka betla bokamoso batjheng
Ka Teboho Moloi Q QWAQWA- Letswalla ebile ele motjha wa motsana wa Slovo Park lehaeng la mehleng la Qwaqwa...
11 May 2026
Monna o inolwa nokeng Mohokare ese ele mofu
Ka Teboho Moloi FICKSBURG- Seponesa sa Free State se netefaditse ha se fuputsa nyewe ya dipatlisiso(inquest)...
11 May 2026
Boshodu bo tutile dimasepaleng-SACP
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Mongodi wa mokgatlo wa makomonisi seterekeng sa Thabo Mofutsanyana Lifa Mhlambe...
30 April 2026
Dithunya tse seng molaong di opisa seponesa hlooho
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Seponesa Free State le ha se dumela hore mafellong se tla atleha ho hlola...
19 April 2026
Mabeta o ahlolelwa tjhangkaneng dilemo tse 36
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Lekgotla la lebatowa la dinyewe la Phuthaditjhaba le ahloletse mabeta Nhlanhla...
13 April 2026
Batjha ba ntse ba le lesisitheho ho etela ditsha tsa booki
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Mohlanka wa mokgatlo wa mmuso wa Love Life seterekeng sa Thabo Mofutsanyana Diau...
06 April 2026
Mantswe a supileng a ka fetola maphelo a bohle -Rev Lakaje
Ka Teboho Moloi HARRISMITH- Mongodi kakaretso wa federation ya baruti ya “Maluti Federation”...
27 March 2026
Molekgotla wa ACM o bula nyewe ya ho otlwa
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Molekgotla wa mokga wa African Content Movement (ACM) masepaleng o ditaba...
23 March 2026
Monna o ahlolelwa peto ya Mmae tjhangkaneng
Ka Teboho Moloi HARRISMITH- Lekgotla la dinyewe la lebatowa la Harrismith le ahloletse mabeta ya dilemo...
17 March 2026
Letona le kgothaletsa ponaletso ka tjhelete ya sechaba
Letona la tsa matlotlo, ntshetsopele ya moruo le bohahlaudi la Foreisetata, Ketso Makume, o dutse pela...