Lefokisi le llelwa ke ditshepe kgetlo la bobedi kgweding

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email

Ka Teboho Moloi

BETHLEHEM – Lekala le fuputsang ditlolo tse hlokolosi tsa molao profensing ya Free State la di Hawks le boetse le qhauditse lefokisi la sepolesa sa Afrika Borwa le dilemo di 58 la Fouriesburg, le sebetsanang ka boshodu ba diphoofolo ka Labohlano lala 29 Pudungwana.

Lefokisi lena le lletswe ke ditshepe kamora hore mafokisi a di Hawks a sale tlhaiso leseding ya lekala la mautlwela ka pelaelo ya botlokotsebe bo etsahalang lapeng la hae.

Ho sale jwalo ho fihleng hwa bona ka lengolo laho phenyekolla(search warrant) ba fumane thepa yeo hoya ka molao wa sepolesa esa lokelang hotswa kahara dikantoro kapa hona hoba matsohong a setho se feng kapa se feng sa sepolesa ntle le tumello.

Hoya ka mmuelli wa di Hawks Free State Fikiswa Matoti, lefokisi lena le qhautswa tjena lekgetlo la bobedi kgweding ele nngwe (Pudungwana) ele ha lekgetlo la pele teng a ile a fumanwa ka sethunya se seng molaong, mme a llelwa ke ditshepe le hoja hamorao a ile a lokollwa ka bail.

Hara tse fumanweng lapeng la mmelaelwa ho kenyeletsa di docket tse sokang di phethelwa, mahlaahlela, mekotla ya bopaki e tshetseng mehala ya thekeng le di registara tsa mapolesa hara tse ding.

Bopaki bohle bo kgutletse matsohong a sepolesa ele hore hotlo etswe diphuputso tse tswellang.

Tebello ke hore o tla hlahella kapela lekgotla la magistrata la Bethlehem haufinyana a qoswa ka hoba le mahlaahlela a seng molaong le thepa e belaellwang ele ya boshodu.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
18/04
Sat
19°C
few clouds
Sun
daily_wether_icon
24°C
22°C
Mon
daily_wether_icon
17°C
15°C
Tue
daily_wether_icon
20°C
22°C
Wed
daily_wether_icon
21°C
22°C
Thu
daily_wether_icon
19°C
18°C
Fri
daily_wether_icon
18°C
17°C
Sat
daily_wether_icon
19°C
22°C
Related Posts
MEC Ketso Makume calling for complete closure of uncompliant spazas
Read More
Cogta MEC Saki Mokoena not impressed FS municipalities
Read More
Ace Magashule plea for unity amongst black parties
Read More
13 April 2026
Batjha ba ntse ba le lesisitheho ho etela ditsha tsa booki
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Mohlanka wa mokgatlo wa mmuso wa Love Life seterekeng sa Thabo Mofutsanyana Diau...
06 April 2026
Mantswe a supileng a ka fetola maphelo a bohle -Rev Lakaje
Ka Teboho Moloi HARRISMITH- Mongodi kakaretso wa federation ya baruti ya “Maluti Federation”...
27 March 2026
Molekgotla wa ACM o bula nyewe ya ho otlwa
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Molekgotla wa mokga wa African Content Movement (ACM) masepaleng o ditaba...
23 March 2026
Monna o ahlolelwa peto ya Mmae tjhangkaneng
Ka Teboho Moloi HARRISMITH- Lekgotla la dinyewe la lebatowa la Harrismith le ahloletse mabeta ya dilemo...
17 March 2026
Letona le kgothaletsa ponaletso ka tjhelete ya sechaba
Letona la tsa matlotlo, ntshetsopele ya moruo le bohahlaudi la Foreisetata, Ketso Makume, o dutse pela...
04 March 2026
Basebeletsi ba masepala ba sebetsa dihora tse 4 feela
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Mokga wa bohanyetsi wa Democratic Alliance( DA ) ka hara setereke sa Thabo Mofutsanyana...
26 February 2026
SARKO e qhelela menyenyetsi ka thoko –‘hake batle hoba letona’
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Molekgotla wa mokga wa SARKO Napo Letlala o qheletse ka thoko menyenyetsi ya...
26 February 2026
Balekgotla ba bangata ba sa tlo tshelela ACM-Hlaudi
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Mopresidente wa mokga wa African Content Movement (ACM) Hlaudi Motsoeneng o amohetse...
26 February 2026
Ntate o ahlolelwa peto ya ngwana wa hae dilemo tse 18
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Lekgotla la dinyewe la Phuthaditjhaba le ahloletse moqusuwa wa peto a...
18 February 2026
Kopano tsa IDP di fetoha seboka sa ho tletleba
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Modulasetulo wa lekgotla la motse le dulang lele ditabeng ebile le hula ka boima...