Letona, mmuso le marena ba fumana dithapelo

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Marena, bahlanka ba mmuso le letona la bophelo Monyatso Mahlatsi ba rapellwa tshebeletsong ya kereke.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA-Letona la bophelo Monyatso Mahlatsi ebile karalo ya tshebeletso e ikghethileng ya thapelo ya Showtel Bible Church Riverside Qwa Qwa ka Sontaha 21 Lwetse meahong ya kereke ena.

Tshebeletsong ena baruti hotswa diphuthehong tse fapaneng tsa kereke ya tumelo ya bokreste ba eteletswe ke moruti Mokena Malimabe wa Showtel ba rapeletse mmuso, bao ba ditulong tsa boetapele,marena le ditshita tsa hajwale tse tobaneng le setjhaba.

Baruti le bao baneng bale tshebeletsong ena ba boyetse ba rapella kgotso , ho fihla pheletsong ha tshebediso ya dithithifatsi hara batjha , ntwa tsaka malapeng hammoho le dipolayano tsa bana le basadi.

Hoya ka moruti Malimabe hona le tlhokeho ya hore maemo ana a hajwale ao a tshosang setjhaba nakong tsa hajwale ebile ele diketso tse sa tlwaelehang a nehelwe matsohong a Molimo bakeng sa tataiso.

O re ka nako tse ding setjhaba selebeletse dikarabelo tsohle maemong ana ho bao ba eteletseng pele puso empa ba lebala hoba kopela matla ka dithapelo.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
18/10
Sat
16°C
overcast clouds
Sun
daily_wether_icon
23°C
25°C
Mon
daily_wether_icon
20°C
20°C
Tue
daily_wether_icon
21°C
25°C
Wed
daily_wether_icon
25°C
27°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
31°C
Fri
daily_wether_icon
31°C
32°C
Sat
daily_wether_icon
30°C
31°C
Related Posts
Cogta and Humam Settlement MEC Saki Mokoena handing over a house in Qwaqwa.
Read More
Mohato Secondary school matric class of 2025 signing their pledge.
Read More
Thebe ya Kgomo Primary School drum majorettes who led the literacy fun walk.
Read More
17 October 2025
Lefapha la bodulo le netefatsa hore ho heletswa ha matlo ho keke hwa ama RDP
Letona la lefaphaa la bodulo, Saki Mokoena ore letsholo la bona la ho heletsa matlo a mobu Free State,...
17 October 2025
Moruti Lakaje o khothatsa basebedisi ba ditsela hore ba be hlokolosi nakong etlang ya matsatsi a phomolo
17 October 2025
Lekgotla le thoba lelapa la Letlala matshwafo
QWA QWA -Ditho tsa lelapa la Frank Letlala (75) wa Phuthaditjhaba a ileng a bolawa ka pelaelo ya hore...
15 October 2025
Ho fumanwa ka setopo Leribe
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Seponesa sa Free State se re ha jwale se sa tswelapele ka diphuputso ebile se...
01 October 2025
Basebetsi ba projeke MAP ba re ba lebetswe
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Basebetsi ba projeke ya ho hokelw a ha marangrang a tsamaisang dikgwerekgwere...
29 September 2025
Sifuba o re ha se bohlale ho heletsa diemahale tsa baetapele ba mmuso wa kgatello
Letona la dipapadi, bonono, botjhaba le setso Free State NtombiZanele Sifuba o re etlabe ese bohlale...
27 September 2025
Basebetsi ba projeke e tsamaisang dikgwerekgwere ba lla ka meputso e saletseng morao
Basebetsi ba projeke ya ho hokelwa ha marangrang a tsamaisang dikgwerekgwere lebatoweng la 18 le 26 masepaleng...
27 September 2025
TMDM Women's Network e keteka botjhaba
Modulasetulo oa Thabo-Mofutsanyana District Municipality Women’s Network, Champion, Lieutenant Colonel...
22 September 2025
Dipalopalo tsa lefuba di nyolohile FS
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Letona la lefapha la bophelo Free State Monyatso Mahlatsi o re, o ngongorehile...
22 September 2025
Letona, mmuso le marena ba fumana dithapelo
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Letona la bophelo Monyatso Mahlatsi ebile karalo ya tshebeletso e ikghethileng...