Setopo se nyamela ka hara lebitla

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email

By Teboho Moloi

QWAQWA- Lelapa la ha Mollo Mabolela motseng wa Bochabela Qwa Qwa, lere le setse ka dipotso tse ngata ho feta dikarabo le ho tshoha, kamora ho nyamela ha setopo sa mora wa bona se bolokilweng dilemo tse nne tse fitileng.

Sena ke kamora hore ba bitsetswe setsheng sa bafu se Mabolela moo lebitla la Abel Buzi Mollo le bonweng le tjhepilwe pejana bekeng ena ke mosatsetjwe.

Mmuelli wa lelapa Laha Mollo o boletse ha ba ile ba tsebiswa ka pelaelo ya hore lebitla la bona le epolotswe ke morena, kamora hore le yena a tsebiswe ke badisana ba di phofoolo baileng ba ba le pelaelo haba feta sebakeng seo.

“Hang kamora ho ikgodisa hore kennete ke lebitla la lapeng, re tsamaile le morena ra letsetsa seponesa, “ho rialo Mollo.

Lengolo le bonweng ke boraditaba ba The Guard le laelang ho epollwa semmuso ha lebitla lena bakeng sa diphuputso, le tekenwe ka la bobedi la 20 Motsheanong 2025.

“Kamora ho epollwa ha lebitla, ba fumana hore haona setopo moo, re fumane feela masapo a mararo ekareng a sakgilwe ka sakga. Hare tsebe hore mmele wa hae okae,”Mollo wa hlalosa.

O re bantse ba tshositswe ke sena mme basa emetse dikarabo ho seponesa seitseng selo etsa diphuputso tse keneletseng le diteko.

Nakong ya kgatiso ya tlaleo ena sepolesa sene seso fane ka tlaleo le raporoto e feletseng Bahlanka ba mafapha a mmuso a epolotse semmuso lebitla lena ka Labone la 22 Motsheanong 2025.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
21/06
Sat
12°C
clear sky
Sun
daily_wether_icon
15°C
11°C
Mon
daily_wether_icon
16°C
11°C
Tue
daily_wether_icon
16°C
16°C
Wed
daily_wether_icon
18°C
19°C
Thu
daily_wether_icon
7°C
7°C
Fri
daily_wether_icon
5°C
7°C
Sat
daily_wether_icon
9°C
10°C
Related Posts
1000037104
Maluti-a-Phofung local municipality DA councillor Alison Oates
Read More
Former Mayor of Maluti-a-Phofung local municipality Gilbert Mokotso
Read More
19 June 2025
Masepala o batla dikarabo ka R2.1billion
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Kopano ya lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung e ikgethileng ene dutse ka Labone...
17 June 2025
Mmuso o re qobella hoba bakganni baseng molaong ba ditekesi
Ka Teboho Moloi QwaQwa- Ba bang batjha lehaeng la mehleng la Qwa Qwa ba qosa mmuso ka lereng, o ba qobella...
10 June 2025
Dipalopalo tse phahameng tsa nyewe tsa GBV di opisa hlooho ya seponesa
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Ele ho etsa tlhokomediso ka ntwa tsa ka malapeng le ho ipiletsa ho setjhaba ho...
06 June 2025
Lelapa le ema kgwedi ho fumana masapo a mofu
Lelapa la ha Radebe Qwa Qwa lere le qobelehile ho ema kgwedi pele leka fumana lesapo la setho sa lona...
05 June 2025
Letona le thakgola sehla sa mariya sa mabollo FS
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Modulasetulo wa mehleng wa kommiti e shebaneng le taba tsa mabollo Maluti-A-Phofung...
04 June 2025
Mmuso o diha seriti sa moetlo
Modulasetulo wa mehleng wa kommiti ene shebane le taba tsa mabollo Maluti-A-Phofung Dieke Mokoena, o...
29 May 2025
Boradipolotiki ba lokela ho tshwana le bahlanka ka hara Bible
By Teboho Moloi QWA QWA-Nakong ena bo ramotse ba dimasepala ba fapaneng ba qaleletse ho teka ditekanyetso...
27 May 2025
Moahi o ikana ho robala masepaleng hofihlela tukiso ya tsela
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Moahi a phelang ka bo qhwala le ho kganna wheelchair, o ikanne hotswelapele robala...
27 May 2025
Moahi a phelang le bo qhwala o seboko
Moahi a phelang ka bo qhwala le ho kganna wheelchair, o ikanne ho tswelapele ho robala kantle ho dikantoro...
26 May 2025
Matakanye o tswa puo ka mosuwehlooho
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Modulasetulo wa lekgotla la naha la taolo ya dikolo (SGB ) Matakanye Matakanye,...