QWAQWA- Ho latela phatlalatso ya ho timela ha mokaubere ebile ele sebohudi se tummeng sedikadikweng sa ditaba naheng ena, ebile ene ele mosebeletsi wa mehleng wa lekgotla la kgaso la Africa Boroa kgasong ya setjhaba Lesedi FM Moeketsi Rahlao ho ntse ho makaditse batho ba bangata.
Rahlao ebile sebuhudi sa nako e telele mananeong a ditaba kgasong ya Lesedi FM, le ho tuma haholo ka lebaka la tsela eo ana hloma boradipolotiki dipotso ka teng le mokgwa wa hae ono o ikgethile wa ho botsa dipotso leho tsamaisa mananeo a hae.
Bakeng sa dilemo o na tsamaisa lenaneo la phirimana la Matshohlo.
Mosebetsi mmoho le yena wa nako e telele kgasong ebile ene ele mohlophisi wa ditaba mananeong a Lesedi FM ana etswa ke Rahlao, Dimakatso Folotsi , o hlalositse Rahlao ene ele motho ana etsa mosebetsi wa hae ka boitelo le maikemisetso.
O re ho ne ho le bonolo ho sebetsa le Rahlao kaha ene ele motho a dulang ana le thlaiso leseding ebile ale sehlohlolong ka ditaba ka nako tsohle.
“Le lena le hodimo hara dipuisano tseo akileng a bana letsona dilemo-lemo tse fitileng, dintse di hopoleha jwalo ka puisano ya hae le mopresidente wa COPE, empa nnete ke hore industry ya ditaba e lahlehetswe haholo ke monna enwa” Motsoeneng.
Melaetsa ya matshediso entse e tswelapele mararang a dipuisano, ke basebetsi mmoho ba mehleng, boraditaba le bamabedi ba hae ba mehleng.
“Boiphihlelo ba hae ha bo yaka ba makatsa hoba le bona boitsmaisi ba lekgotla la kgaso ka kotloloho lefapheng la ditaba baile ba molata hore a kgutlele mosebetsing hape kamora ho itokolla,”Motsoeneng.
Tebello ke hore o tla bolokelwa Botshabelo.