Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Mosuwehloho wa sekolo sa Mohato Lekhetho Mosikatsana.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha se tlo fumana sephetho se kgahlisang sa sehlopha sa leshome.

Sena se latela ho se sebetse hantle ngwahola kamora ho fumana dipresente tse 68.5.

Sekolo se re boitukisetso ba sona bo qadile hang-hang maqalong a selemo sena sa dithuto, ele ho netefatsa hore haho morutwana atla salla morao ka mosebetsi wa hae.

Sekolo se satswa tshwarela barutwana bana ba sehlopha sa leshome ba 146 mokete wa ditumediso cultural house ka Laboraro 23 Lwetse, moo basebeditseng hantle ba ileng ba tlotlwa ka dikgau, mme moketeng oo hwa boyelwa hwa tshwarwa dithapelo le ho nehelana ka mantswe a dikgothatso.

Mesuwe ene kgabile ka dipurapera tsa bona tsa thuto le mabanta a supang bokgabane dithutong tsa bona, ha barutwana ba apere mmala ya sekolo, mmoho le boteng ba batswadi ba bona.

Ho ya ka mosuwe hlooho Lekhetho Mosikatsana, sepheo sa hore mesuwe e kgabe jwalo, ene ele ho kgothatsa barutwana bana ho sebetsa ka matla dihlahlobeng tsa makgaolakgang.

“Selemo se shweleng sa dithuto re bile le diphephetso tse ngata tse lebisitseng hose sebetseng hantle sephethong sa rona.

Empa selemo sena se hodimo ka barutwana ba 146 re entse tsohle, mme re na le tumelo hore batlo sebetsa hantle kaofeela ha bona,” ho rialo Mosikatsana.

Mosikatsana o re hara maano a bona, a kenyeletsa ho sebetsa mmoho le batswadi, baruti hammoho le ho nehelana ka dithuso tsa ho thoba maikutlo ka nako tsohle ho barutwana.

O re ba lekile ka hohle ho lukisa le kelello tsa barutwana ba bona le hoba thoba maikutlo kaha dihlahlobo di na le kgatello e kgolo ya maikutlo.

“Bophelong di nthla di tharo feela tse bakelang bana kgatello ya maikutlo, ka ho phethala eleng thlalano, lefu hammoho le dihlahlobo tsa makgaola tsa sehlopha sa leshome,” ho eketsa Mosikatsana.

Hara dibuwi tsa bohlokwa di ne di kenyeletsa moruti ya tsebisahalang Matebese Lakaje.

Ho bile le thapelo ya ho kgantshwa ha dikerese ele thapedi ya ho kopela barutwana kganya ho sebetseng hantle dihlahlobong tseo.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
23/11
Mon
25°C
moderate rain
Tue
daily_wether_icon
27°C
27°C
Wed
daily_wether_icon
27°C
28°C
Thu
daily_wether_icon
28°C
32°C
Fri
daily_wether_icon
29°C
19°C
Sat
daily_wether_icon
26°C
30°C
Sun
daily_wether_icon
28°C
31°C
Mon
daily_wether_icon
29°C
33°C
Related Posts
The late Dr. Phumzile Mlambo-Ngcuka
Read More
Director of Alamina Strategy Khadija Patel
Read More
African Content Movement (ACM) founder and president Hlaudi Motsoeneng
Read More
20 November 2026
Boetapele ba TMDM bo phethela dilemo tse hlano tsa tshebeletso
QWAQWA – Ramotse wa Phethahatso wa Masepala wa Setereke sa Thabo Mofutsanyana (TMDM), Conny Msibi, o...
20 November 2026
Sebuhudi sa mehleng sa ditaba Lesedi FM se timetse
QWAQWA- Ho latela phatlalatso ya ho timela ha mokaubere ebile ele sebohudi se tummeng sedikadikweng sa...
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...
14 July 2026
Maqheku a seboko ka ho kgaoha ha motlakase mariheng ana
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Maqheku le maqhekwana lebatoweng la bosupa motseng wa Makgalaneng ba re mohato...