Ka Teboho Moloi
QWAQWA – Seponesa sa Phuthaditjhaba se re se fuputsa nyewe ya polao kamora ho fumanwa ha setopo sa monna a sa tsejweng nokeng haufinyana le Clubview, ka Labone 11 Phupjane.
Setopo sena se ne se se senyehile se bonwe ke mofeta ka tsela se phupuma ka hodima metsi nokeng eo le ho tsebisa seponesa hang-hang.
Mmueli wa seponesa Warrant Officer Mmako Mophiring o re diqwidi tsa bona ka tshebedisano mmoho le bahlanka ba masepala ba lefapha la pholoso letsa mollo baile ba atleha ho ntsha setopo seo ka nokeng, mme ba se fumane se phuthetswe ka kobo setlameletswe lejweng ka terata.
Mophiring o re setopo se fumanwe se le maemong a mabe ka hofitisisa aho senyeha eleng se bakileng hobe thata ho ka tseba ebang sene sena le maqeba. O re diphuputso tsa bona ba batla ho hutolla hore mofu ke mang le tsohle tse amanang le polao ya hae.
Seponesa se ipileditse ho mang kapa mang a ntsa batlana le setho sa lelapa la bona wa ntate eo esale a nyamela ho, kapa mang kapa mang aka banang le lesedi hoka letsetsa mofuputsi wa nyewe ena mafokising a Phuthaditjhaba Captain Paramente Motseki, 079 887 6961.