Moahi o ikana ho robala masepaleng hofihlela tukiso ya tsela

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Moahi ya phelang le bo qhwala Pule Ratselane.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA -Moahi a phelang ka bo qhwala le ho kganna wheelchair, o ikanne hotswelapele robala kantle ho dikantoro tsa ntlo-kgolo ya masepala o dulang ole ditabeng wa Maluti-a-Phofung tse Qwa Qwa, hofihlela masepala o lokisa tsela eo esale oe tshepisa ho elukisa.

Pule Ratselane o qaleletse ho robala kantle ho dikantoro tsa masepala ona hotloha ka Mantaha 27 Motsheanong, le ho fumanwa ka kobo ya hae maemong ana a batang a mehatsela.

Hoya ka Ratselane o nkile qeto ho robala kantle ho dikantoro ele maiteko a hore a fumane dikarabelo hotswa ho botsamaisi ba masepala ona ka tsela elebang ha hae Kudumane eo e fetohileng lengope.

O re haesale atlelehele masepala le ho etsa kopo hore tsela eo e lukiswe dilemo tse supileng tse fitileng.

“Jwale kaha o bona hore ke motho a sebedisahg wheelchair, hake kgone ho tsamaya tseleng eo. Ke qobelaha ho hira koloi ka nako tsohle hoya teropong ,clinking kapa kae kapa kae ,ka tjhelete e siko hoba hake sebetse, “ho rialo Ratselane.

Ratselane ore ka Mmesa masepala ono mofe lengolo le tekenweng kala 30 Mmesa , le hlalosang ha batlo qalella ka ditukiso tseleng,empa ore masepala otshetse majwe feela ao a bakileng hobe thatha hofeta hore aka sebedisa tsela eo.

Haditaba disale jwalo o re o tlo dula a robala masepaleng hofihlela a kopana le majoro le ho fumana netefaletso ya tukiso ya tsela eo hoba maemong ao aka kgonang hore ae sebedise.

“Maemo ana a mabe a tsela ena , ha a ame nna feela empa setjhaba ka kakaretso. Hare bua tjena sekolo sa Khotsong se kwetswe ka lebaka la tsela ene dula e tletse metsi bana basa kgone hoya sekolong le dikoloi di hloleha ho feta,ebile e boyetse e amme hampe dikgwebo tse ngata motseng wa habo,”o eketsa tjena.

Masepala o tshepisitse ho arabela nthleng ena, le ho kopa ho nehelwa nako ho etsa diphuputso.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
28/11
Fri
13°C
heavy intensity rain
Sat
daily_wether_icon
24°C
25°C
Sun
daily_wether_icon
26°C
24°C
Mon
daily_wether_icon
27°C
27°C
Tue
daily_wether_icon
28°C
30°C
Wed
daily_wether_icon
25°C
29°C
Thu
daily_wether_icon
23°C
22°C
Fri
daily_wether_icon
20°C
28°C
Related Posts
IMG-20251128-WA0001
Read More
1761837948239
Read More
1761837948239
Read More
19 November 2025
Bua Monna - QAC e keteka letsatsi la bo Ntate
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Banna ba nkile karolo kopanong ene e tshwaya keteko ya letsatsi la matjhaba la...
19 November 2025
Ho ketekwa letsatsi la machaba la banna
Sehlopha sa banna lehaeng la mehleng la Qwa Qwa hotswa metseng e fapaneng ba hlotse letsatsi la Laboraro...
19 November 2025
Against all Odds
Kamora ho lahlehelwa ke Ntate wa hae ka tsela ya lefu, motjha a dilemo di 24 Seipati Motsoeneng, o re...
15 November 2025
Sepolesa se hlokomedisa batho ho se inkele molao matsohong
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM -Seponesa sa Free State se ipileditse ho setjhaba ho se inkele molao matsohong...
15 November 2025
Dikwankwetla e hlahisa hlooho hape
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Mopresidente wa mokga wa Dikwankwetla Party of South Africa (DPSA) Moeketsi Lebesa...
11 November 2025
Lefu la mokganni wa makoloi a baeti le amme lelapa
Setho sa lelapa la mokganni wa makoloi a baeti tse nyane tse sebeletsang setsheng se tshelang mafura...
03 November 2025
FS e ntlafatsa matsholo a polokeho mebileng
Ka Teboho Moloi FICKSBURG -Letona la polokeho ya setjhaba, mebila le dipalangwang Free State Jabu Mbalula,...
03 November 2025
Setsoto FM se sireletsa Kgau ya bo mampudi
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Sehlopha sa bolo ya maoto sa seyalemoya sa setjhaba sa Setsoto FM, ke bomampudi...
31 October 2025
Sarko e batla hlooho ya Lebesa
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Mokga wa South African Royal Kingdom (SARKO) lekgotleng la motse le hulang...
23 October 2025
SALGA e fa Lebesa kgau
MMC Bridgette Lebesa o thabetse ho fuoa moputso oa SALGA hobane o ne a sa o lebella.