MAP e hatisa Vaal Central kosene

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
EFF ‘s Chicco Mkhwanazi.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA -Kopano ya lekgotla la motse e ikghethileng ya Maluti A Phofung ene dutsi holong ya Phuthaditjhaba multipurpose ka Labobedi 29 Phupu, e boyetse e laetse hore ho ngollwe letona la metsi hotla arabela phareleng ya metsi tikolohong ena.

Sena selatela maikutlo a bontshang ho phoqahala ha setho sa Economic Freedom Fighters Chickota Mkhwanazi, hore kopanong e fitileng ya lekgotla e ne e nke qeto hore keemedi ya Vaal Central e tlaba teng kopanong e ikghethileng e tla latela ya lekgotla ho tla arabela mathateng a metsi.

Hoya ka motsamaisi wa dipuisano MandleNkosi Dlamini, lekgotla la motse le emetse thlakisetso hore ho etsahalang ka maemo a diprojeke tse 21 tsa metsi, thlakisetso ka tshebediso ya ranta tse million tse 100 tsa ditukiso, ranta tse billion tse 2.1 hammoho le projeke tsa marangrang a dikgwerekgwere.

“Ke nako jwale hore letona a ngollwe a tle kapela lekgotla lena la motse hotla fana ka dikarabelo. Ho hlakile hore Vaal Central e hlolehile hotla araba, jwale ke nako hore letona atle ka boyena,’Dlamini.

Dlamini o bontshitse ho bonahala ekare hona le batho ba ithuhisang ka matlole a reretsweng diprojeke tsa masepala lebitsong la baahi.

“Mohlala hare tsebe hore dimillion tse 100 tsa diranta di sebediswa kae. Tjhelete eo hobaneng e satle e wele masepaleng,’ ho eketsa Dlamini.

Haditaba disale jwalo Mkhwanazi o tshoseditse hore e le EFF batlo emisa tshebetso efe kapa efe ya basebeletsi ba Vaal Central pele thlakisetso ya hore tjhelete e sebeditse kae. Hajwale boholo ba metse hopotoloha le tikoloho ya Qwaqwa bo ntse bo sena metsi.

Motsamaisi wa masepala Advocate Motsoahae Mofokeng o boleletse kopano ena hobane balebeletse hore mathata ana, a batla a ile ka theko ha jwale empa tshitiso e bakilwe ke ho phahloha hape ha peipi e kgolo e satswa hokelwa, kamora ho hatwa ke koloi. Mofokeng o seholotswe ka bohale ke ba lekgotla hore, o lahlehisitswe kamora ho tlaleha ha metsi a tswa Makwane ntle le karolo ya Pereng.

“Re phoqwa ke Vaal Central empa kese ke ngoletse lefapha la naha la metsi hore karolo e ngwe ya tjhelete e nehelwe masepala ka kotloloho,” Mofokeng.

One Response

  1. Ho makatsa haholo ha e le hona ba tsamaisi ba masepala wa MAP e le hona ba dumelang hore boholo ba baahi ba QwaQwa ha ba fumane metsi. Ho utlwisa bohloko hore le ka puso ya demokrasi batho ba ntse ba phela ka metsi a sediba le pula. Ba kgonang ba ithekela dijojo tsa metsi.
    Puso ya rona e reng ka batho ba kobo di mahetleng? Bothata ke metsi le motlakase.
    Tharollo ke hore masepala o qhalwe, setjhaba se kgethe batho ba ikemiseditseng ho rarolla mathata a bona.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
28/11
Fri
20°C
heavy intensity rain
Sat
daily_wether_icon
26°C
24°C
Sun
daily_wether_icon
26°C
21°C
Mon
daily_wether_icon
26°C
29°C
Tue
daily_wether_icon
29°C
31°C
Wed
daily_wether_icon
26°C
28°C
Thu
daily_wether_icon
26°C
17°C
Fri
daily_wether_icon
21°C
28°C
Related Posts
IMG-20251128-WA0001
Read More
1761837948239
Read More
1761837948239
Read More
19 November 2025
Bua Monna - QAC e keteka letsatsi la bo Ntate
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Banna ba nkile karolo kopanong ene e tshwaya keteko ya letsatsi la matjhaba la...
19 November 2025
Ho ketekwa letsatsi la machaba la banna
Sehlopha sa banna lehaeng la mehleng la Qwa Qwa hotswa metseng e fapaneng ba hlotse letsatsi la Laboraro...
19 November 2025
Against all Odds
Kamora ho lahlehelwa ke Ntate wa hae ka tsela ya lefu, motjha a dilemo di 24 Seipati Motsoeneng, o re...
15 November 2025
Sepolesa se hlokomedisa batho ho se inkele molao matsohong
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM -Seponesa sa Free State se ipileditse ho setjhaba ho se inkele molao matsohong...
15 November 2025
Dikwankwetla e hlahisa hlooho hape
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Mopresidente wa mokga wa Dikwankwetla Party of South Africa (DPSA) Moeketsi Lebesa...
11 November 2025
Lefu la mokganni wa makoloi a baeti le amme lelapa
Setho sa lelapa la mokganni wa makoloi a baeti tse nyane tse sebeletsang setsheng se tshelang mafura...
03 November 2025
FS e ntlafatsa matsholo a polokeho mebileng
Ka Teboho Moloi FICKSBURG -Letona la polokeho ya setjhaba, mebila le dipalangwang Free State Jabu Mbalula,...
03 November 2025
Setsoto FM se sireletsa Kgau ya bo mampudi
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Sehlopha sa bolo ya maoto sa seyalemoya sa setjhaba sa Setsoto FM, ke bomampudi...
31 October 2025
Sarko e batla hlooho ya Lebesa
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Mokga wa South African Royal Kingdom (SARKO) lekgotleng la motse le hulang...
23 October 2025
SALGA e fa Lebesa kgau
MMC Bridgette Lebesa o thabetse ho fuoa moputso oa SALGA hobane o ne a sa o lebella.