Bua Monna – QAC e keteka letsatsi la bo Ntate

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email

Ka Teboho Moloi

QWAQWA-Banna ba nkile karolo kopanong ene e tshwaya keteko ya letsatsi la matjhaba la bo ntate, hoteleng ya mehleng ya Qwa Qwa ka Laboraro 19 Pudungwane tlasa tlhophiso ya mokgatlo wa Qholaqhwe Advice Center, ba tshwetse ka mathe diketso tsa tlolo ya molao tseo baqusuwa eleng banna.

Makgolo-kgolo a banna hotswa metseng e fapaneng ba ikanne hore diketso tsena di lokela ho emisa, mme le ho ikana hore ha diya lokela ho tswelapele tlasa mabitso a bona. Bo ntate ba kgothaleditswe ho qalella ho bua ka mathata a bona, diphepetso tseo ba tobaneng le tsona hona le ho dula ba ipipeditse ka mathata.

Hara dinthla tseo bankakarolo bane ba buisana ka tsona di ne di kenyeletsa hotla ka tharollo diphepetsong tseo bo ntate ba dilemo tsa hajwale ba tobanang le tsona.

Ba hlokomedisitswe ka bohlokwa ba bophelo bo botle, ho ikopanya ha bo ntate, ho tla ka tharollo diphepetsong tsa letsatsi ka leng, tekatekano ya bo mong.

Ba boetse ba hlokomediswa ka ho ata ha bo ntate ba nang le mahloko a kelello tikolohong ena le ho tlisa. Ba fana ka tlhaloso mahareng a hoba Ntate le Monna setjhabeng, ekasitana le ho fumana tharollo hoba nang le bothata ba tshebediso ya tai hara bo ntate e atileng.

Boholo ba bankakarolo ba hlalositse ha bana le ngongoreho ka boitshwaro ba bang ba bo ntate ba silafatsang lebitso la boholo ba bo ntate.

Ba seholotse diketso tsa dipeto, dipolayano, tlhekefetso tsa ka malapeng, ho se hodise bana le ho siya bana hohle hara metse ntle le ho nka maikarabelo a ho hudisa bana bao.

Modulasetulo wa mokgatlo wa bo ntate, Ahanang Mens Forum Pule Lekgwaba o seholotse ka bohale ketsahalo ya pelaelo ya peto kgahlano le monna-moholo.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
23/01
Fri
33°C
clear sky
Sat
daily_wether_icon
33°C
34°C
Sun
daily_wether_icon
35°C
35°C
Mon
daily_wether_icon
33°C
37°C
Tue
daily_wether_icon
31°C
31°C
Wed
daily_wether_icon
32°C
31°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
33°C
Fri
daily_wether_icon
27°C
32°C
Related Posts
IMG-20260121-WA0009
Read More
IMG-20251014-WA0034
Read More
IMG-20260120-WA0011
Read More
19 January 2026
Ha ketlo ipolaya kapa ho ba bolaya !-Ahanang banna
Ka Teboho Moloi QWA QWA-Nakong ena eo dipalopalo tsa dipolao tsa basadi, bana le banna ba nkang maphelo...
13 January 2026
Mokubung o tswa boemong ba pele
QWAQWA- Barutwana mmoho, batswadi le baahi ba Bluegumbosch ba se ba qadile ka ho keteka mmoho le Bokang...
12 January 2026
MaRasta a lwanetse tokoloho ya SA!
Ka Teboho Moloi QWA QWA-Molatedi wa tumelo ya bo-Rasta, Tumelo Charlse Philemons jwalo ka badumedi ba...
13 December 2025
Holekane ka dikotsi, Fihla O phela!
Ka Teboho Moloi REITZ- Lefapha la polokeho mebileng, ka kopanelo le kantoro ya majoro wa setereke sa...
04 December 2025
Baahi ba nka maikarabelo a ho itukisetsa ditsela
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Ba bang ba baahi ba karolo ya bone motseng wa Mandela Park lebatoweng la bo 35...
30 November 2025
Lefokisi le llelwa ke ditshepe kgetlo la bobedi kgweding
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM – Lekala le fuputsang ditlolo tse hlokolosi tsa molao profensing ya Free State...
19 November 2025
Bua Monna - QAC e keteka letsatsi la bo Ntate
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Banna ba nkile karolo kopanong ene e tshwaya keteko ya letsatsi la matjhaba la...
19 November 2025
Ho ketekwa letsatsi la machaba la banna
Sehlopha sa banna lehaeng la mehleng la Qwa Qwa hotswa metseng e fapaneng ba hlotse letsatsi la Laboraro...
19 November 2025
Against all Odds
Kamora ho lahlehelwa ke Ntate wa hae ka tsela ya lefu, motjha a dilemo di 24 Seipati Motsoeneng, o re...
15 November 2025
Sepolesa se hlokomedisa batho ho se inkele molao matsohong
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM -Seponesa sa Free State se ipileditse ho setjhaba ho se inkele molao matsohong...