Balekgotla ba bangata ba sa tlo tshelela ACM-Hlaudi

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Moetapele wa ACM Hlaudi Motsoeneng o amohela Alex Mahaltsi, se mmuso ho tswa mokgeng wa Dikwankwetla Party of South Africa (DPSA).

Ka Teboho Moloi

QWAQWA -Mopresidente wa mokga wa African Content Movement (ACM) Hlaudi Motsoeneng o amohetse molekgotla wa mehleng wa lebatowa la bo 19 Alex Mahlatsi semmuso ho tswa mokgeng wa Dikwankwetla Party of South Africa (DPSA) ka Laboraro 25 Hlakola lebaleng la dipapadi la Thaba Bosiu.

Motsoeneng o re mokga wa habo o sa tlo etsa phatlalatso ya balekgotla ba bang hape haufinyana ba tlo tshelela mokgeng wa habo ho potoloha le lekgotla la motse le Maluti A Phofung.

O re ho tshela ha Mahlatsi hotla mokgeng ona, ho latela ho bona nnete eo mokga ona oo emetseng ho tlisa diphethoho maphelong a baahi.

Ha tshetlehela ditho tsene di kgobokane lebaleng Thaba Bosiu Motsoeneng o ipileditse ho tsona ho netefaletsa hore ba ingodisitse le komishini ya dikgetho hoka nka karolo hoka kgetha dikgethong tsa monongwaha tsa makgotla a metse.

O seholotse ka bohale maemo a bophelo a baahi ba lebatowa lena hore le kajeno ba ntse ba hloka ditshebeletso tsa phano ya metsi kamora dilemo tse leshome.

O tshwaile puo ya nako e fitileng ya ketelo ya mopresidente Cyril Ramaphosa lebatoweng lena, haene ele e tletseng boikaketso le maka kaha a ile a etsa ditshepiso feela ketelong eo ya hae.

O tiisitse ha dumela hore mokga wa habo o tlo hapa puso le taolo ya lekgotla la motse le MAP mme seo se tlo monehela ho kenya tshebetsong maano a hae a ntshetsopele, botsetedi le kgolo ya moruo.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
22/11
Sun
21°C
overcast clouds
Mon
daily_wether_icon
33°C
17°C
Tue
daily_wether_icon
28°C
27°C
Wed
daily_wether_icon
26°C
29°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
32°C
Fri
daily_wether_icon
29°C
18°C
Sat
daily_wether_icon
27°C
30°C
Sun
daily_wether_icon
29°C
32°C
Related Posts
African Content Movement (ACM) founder and president Hlaudi Motsoeneng
Read More
Boetapele ba TMDM
Read More
ANC Ward15 councilor Mabitle Moloi
Read More
20 November 2026
Boetapele ba TMDM bo phethela dilemo tse hlano tsa tshebeletso
QWAQWA – Ramotse wa Phethahatso wa Masepala wa Setereke sa Thabo Mofutsanyana (TMDM), Conny Msibi, o...
20 November 2026
Sebuhudi sa mehleng sa ditaba Lesedi FM se timetse
QWAQWA- Ho latela phatlalatso ya ho timela ha mokaubere ebile ele sebohudi se tummeng sedikadikweng sa...
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...