Ka Teboho Moloi
QWA QWA-Nakong ena eo dipalopalo tsa dipolao tsa basadi, bana le banna ba nkang maphelo a bona ho latela ntwa tsa ka malapeng le boipiletso ho banna hore ba qalelle ho bua ka mathata a bona hona le ho nka maphelo a bona, modulasetulo wa mokgatlo wa Ahanang Banna Pule Lekgoaba o ntsa tsitlaletse hore hase phoso ho tswa ka tlung ho qala bophelo botjha ebang hona le di kgohlano tse renang hara dikamano tsa ka lapeng.
Lekgoaba eo a eteletseng pele mokgatlo ona wa bontate, o netefaditse ha yena ele lehlatsipa la morao la ntwa tsa ka malapeng le ho nka qeto ho tswa ha hae lebitsong la kgotso hona le honka bophelo ba molekane wa hae le bana ka lebaka la ntwana tse teng ka lapeng.
O bonwe ke boraditaba ba lehae a tshwere mehaswana ya hae hara setsha sa mabenkele Setsing a kgutlela habo lapeng a tshabela polokeho ya bophelo ba hae.
O boletse ha maemo a kukunelang, thlekefetso, ditlhapa ekasitana le ho qoswa ka maka ele nthla tse mosusumeditseng ho tswa ha hae.
O re haesale a phela tlasa maemo a soto, ho tloha selemong sa 2017 mme ho tota ha maemo a ntwa ya lapeng la hae a mo qositse hore a tswe.
“Ha o mpona kele tjena ketswa haka ke kgutlela heso lapeng, ha mme le ntate. Mosadi le mora waka ba nqosa ka polao ya mora waka wa hofeela a ileng a fumanwa a bolauwe ngwahola. Hake tsebe ke hobaneng kaha seponesa sekwalletse batho ba amahangwang le polao eo mme nyewe entse e matha makgotleng a dinyewe,”Lekgoaba.
O kgothaleditse bo ntate ho sala metjha e teng ya moloa, ebang ho se ho sena kutlwano ka matlung jwalo ka yena ana le mangolo a lekgotla la dinyewe la tshireletso kgahlano le molekane wa hae le mora wa hae a moholo.
O boletse ha mora eo wa hae a mohlasetse le mae bale tlasa tshusumetso ya tai.
“Ho molemo hore ke tswe ka tlung pele ho ba le tahlehelo ya maphelo, ke ka hoo ke nkileng motjha wa semolao ho ka ntataisa ho fihlela ho phethelwa mohato wa thlalano semmuso,” ho hlalosa Lekgoaba.
Hoya ka Lekgoaba mora wa hae o nyametse ka ka la 14 Lwetse, setopo sa hae sa fumanwa kala 7 Mphalane mme seponesa sa ba nehela sona ka kgwedi ka Pudungwane le ho mo boloka kala pele Tsitwe.