Ka Teboho Moloi
QWAQWA -Seponesa sa Free State se re ha jwale se sa tswelapele ka diphuputso ebile se hloka thuso ka lesedi ho tswa ho setjhaba ho latela ho fumanwa ha setopo sa monna se senyehileng kamora a mang a matlo motseng wa Leribe ka Laboraro 15 Mphalane.
Mmuelli wa seponesa Free State Warrant Officer Mmako Mophiring o re diphuputso di eteletswe pele le bahlanka ho tswa setsheng sa bona sa Tseki.
Mophiring o re baahisane ba jarete eo setopo se fumanweng teng, ke bona ba fumaneng setopo sena, ho latela monko o bohale o notswa jareteng eo.
Seponesa se fumana setopo sa monna enwa, a sa tsejweng se kwahetswe ka lesenke hlooho e phuthetswe ka checkers/plastic.
Mophiring o boletse ha hajwale setopo sa monna enwa se sa tsejwe, maikemisetso le sesosa sa polao ele sefe.
Motho a ka bang le lesedi le ka thusang ka diphuputso a ka letsetsa lefokisi Captain Lerato Takane, 082 419 6435, kapa call 08600 10111.