Ka Teboho Moloi
QWAQWA – Ditho tsa mokgatlo wa setjhaba o sa etseng phaello wa Bataung Lefika la Bophelo di sebedisitse metsotso ya tsona e 67, ho keteka letsatsi la tswalo la mopresidente wa mehleng wa naha ena Dr Nelson Mandela ka ho etela makgwebo ebile ele madipolotiki wa mehleng Malehola Mbhele 77, ya seng a phela ka bothata ba pono Phuthaditjhaba.
Ditho di ile tsa hlwekisa ntlo ya Mbhele, le ho mo hlatswetsa dikobo ekasitana le ho ja dijo tsa hoseng le yena.
Mbhele, ya ileng a hloleha ho itshwara ho bontsha kananelo ya hae, ha a ka a senya nako ho pheta nalane ya hae sedikadikweng sa dipolotiki.
Mbhele o re o ne a kene dipolotiking a sa le dilemo tse tlase, le ho qala ho latela Mandela nakong tseo.O re o ne a ithute bophelo ba nnete tseleng tsa Madiba.
“Ha ke rate tshotlo ya motho e motsho, ha ke thabele motho e mong a hula ka boima. Ke le tjena ke na le bana ba bangata bao ke ba thusitseng kajeno ke mesuwe, dingaka jwalo jwalo kaha nna ke ne ke hlonolofatswe ka ngwana a le mong to,” ho rialo Mbhele.
O re o ne a llwele ke ditshepe tlasa puso ya nako e fetileng mme molato wa hae ele ho hana ho nehelana ka lesedi hore morena Motebang o hokae.
“Ba ne ba re ke manganga ke hana ho ba thusa. Bao ba basweu ka nako eo bane ba ntate tjhangkaneng ba re ke nehelane ka lesedi ka morena Motebang, ba tla nkahela ntlo ya boleng ba R250 000.”
Lehoja Mbhele a na le ditloholo tse 11, le ditlolwana o re o iphelela a le mong tlasa bodisa ba setloholo sa hae se le seng sa mora seo le sona se dulang se le mabakeng a sona.
Motsamaisi wa mokgatlo ona Lawrance Mokhele o re ba ile ba hlwaya Mbhele ho tla keteka le yena ho latela dilemo tsa hae tsa boqheku, diphephetso tseo a phelang tlasa tsona le karolo yeo a e bapetseng lebitsong la mopresidente wa naha ena.
Mokhele o re maikemisetso a bona ke ho tswelapele ho dula ba hlwela leqheku lena ho le thusa moo ba kgonang.