Morena wa Batlokoa morena Montwedi Mota o re dinthla tsohle tseo Dr Nelson Mandela a na di emela le ho dumela ho tsona, di tshwana hantle le tseo bona ele marena a setso ba dumelang ho tsona. Morena Mota o hlalositse mopresidente enwa wa pele wa motho e motsho wa Africa Boroa ene ele motho wa khotso , a na dumela ho poelano le kgutso.
Mota o re ele borena ba ananela taello ya ho keteka letsatsi la qhoku ena, ka hore setjhaba se nehelane ka metsotso e 67 ho etsa phethoho bophelong ba moahi e mong.
Video by Teboho Moloi