Ka Teboho Moloi
QWAQWA-Ele ho etsa tlhokomediso ka ntwa tsa ka malapeng le ho ipiletsa ho setjhaba ho fedisa dipolao le tlhekefetso tsa bana le basadi , bahlanka ba seponesa sa Phuthaditjhaba le mafokisi ba bonwe ba fetoletse meaparo ka Labohlano Phupjane 06 ka nako ya tshebetso.
Sena setla nakong ena eo dipalopalo tsa tlolo tsa molao tse amanang le tlhekefetso tsa bana le basadi le ntwa tsaka malapeng ele tlhoba boroko tikolohong ena, haholo ho motsamaisi ya tshwereng mokobobo wa seteishini sa Phuthaditjhaba Colonel Mabini Mangkhatho.
Mangkhatho ore hofihlile thlokemelong ya bona holatela diraporoto tsa beke le beke, tseo badi nehelang hloho ya seponesa seterekengka Labobedi hore dinyewe tsena di nyolohile haholo. Ore bafumane ha boholo ba dinyewe tsena tshohle tsa ho otla , dipeto le ntwa tsaka malapeng seso ele tshebediso empe ya tai.
“Haholo nakong ya mafelo a kgwedi di phahama haholo. Ho ropoha dintwa le ho lwanelwa ditjhelete ka malapeng,”

Sgt Detective Molefi le Sgt Mohlakoane.
Ore ka letsholo lena bane ba boyela ba etsa thlokomediso ho ditho tsa bona, ka ha hona le bao ba phelang tlatsa thlekefetso empa bantse bale lesisitheho ho bua.
Dioffisiri tsa mmuso tsa bo ntate di bonwe diapere jwalo ka bomme , le dioffisiri tsa bomme di apere jwalo ka bo ntate.
Mokapteni wa lekala la Social crime prevetion Capt Sanna Makhabanyane ore bankile qeto ho etsa thlokomediso ya GBV ka tsela ena, hore ba kene dieteng tsa bong bo bong.
Makhabanyane molaetsa wa bona ene ele thuto hore ele batho ba hlokana.