Ka Teboho Moloi
QWAQWA-Modulasetulo wa mehleng wa kommiti e shebaneng le taba tsa mabollo Maluti-A-Phofung Dieke Mokoena, ore boitshunyakako ba mmuso moetlong wa basotho wa ho bolotsa ho diya seriti sa moetlo ona.
O buwile sena nakong ena eo letona la puso ya kopanelo le taba tsa marena (COGTA), Velenkosini Hlabisa e satswa thakgola semmuso sehla sa mahareng a selemo sa ho bolotsa a le motse moholo wa Free State Bloemfontein bekeng e fitileng.
Letona Hlabisa o thakgotse sehla sena tlasa moko taba “Mabaye Bephila, Babuye Bephila,” ele hore “baye ba phela mme ba kgutle bantse ba phela. “Nakong e fitileng maballo a ile a potapotwa ke ditaba le dipalopalo tsa mafu a bashemane nakong eo baleng mophatonmabmophatongleo ile wa beha molato ho mephato eseng melaong.
Lehahole jwalo Mokoena ore a mang a mabaka a bakang mafu a bashemane ha bale thupellong mophatong, a kenyeletsa hose bolele ka mafu ao ba phelang ka ona asa phekoleheng (chronic) ,ho titimela mophatong le ho etsetswa moetlo o fosahetseng. Le hoja lehaeng lena la mehleng la Qwa Qwa ho bolotsa hono kginwe tlasa mabaka a serame se batang haholo sekenang masapong nakong ya mariya tikolohong ena le nako e kgutshwane bashemane baneng ba lokela ho e qeta ka holima thaba , dibaka tse ding ka hara Free State dintse di tswelapele ho hlompha Mokoena melao e behilweng ke mmuso e bapala karalo ho sitisa ho tsamaisa lebollo hantle.
“Dipehelo le melawana ya hajwale ya mmuso e jwaloka ho duemella motho a dilemo di 40 hore aka hloma mophato ho ritsisa motheo wa lebollo .Motho dilemo tsena o haellwa ketsebo hore a ka ruta bana hoba banna ba nnete.Hape le hore ngwana aka kgutlela hae ebang ana titimetse empa asale mophatong ho fosahetse, ” Mokoena wa hlalosa.
Mokoena obehile molato ho mmuso ka bo boitshunyakako ha ona moetlong ona wa basotho hore oqeteletse o kginne mekgwa ya bona ya kgalemo ho bakang bana ba tswileng taollong ebile ba bontsha tello.
“Melao ya rona ya kgalemo lebollong le ditsela tsa kgalemo, mmuso hao sa di batla. Hao kgalema ka tsela le mokgwa wa thuto ya thabeng, batho bana ba kgutla batla hae mona ba bula di nyewe wa kwallwa, ntho tseo diya re sitisa,” ho eketsa Mokoena.
Ka lehlakoreng leleng ditho tsa lelapa la Motsoeneng Lusaka dire dintse di emetse ho tseba hore mora bona Katleho 22, eo esale ana qetelwe a etela bashemane mophatong ka selemo sa 2023 okae.