Kopano ya batswadi le sekolo sa Lekgulo e betla kgatelopele

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Sekolo se phahameng sa Lekgulo.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA -Le ha feela ba bang ba batswadi ba barutwana ba sekolo se phahameng sa Lekgulo ba kgotsofaditswe ke mohato wa botsamaisi ba sekolo sena, ho hlakisa pherekano ela rena le ho ropoha kampong ya sehlopha sa leshome bosiung ba laboraro wala 03 Phupjane, ba re mosuwehloho oi tjarisa mathata a seng a hae.

Ba buile sena holatela kopano ene tswerwe hollong ya sekolo tlasa botsamaisi, lekgotla la taollo ya sekolo batswadi le barutwana ka Sontaha 07 Phupjane.

Batswadi ba bile seboko ka polokeho ya bana ba bona ba kampong, tshwaro eo bareng ena le kgethollo, dithohako ebile ele e mpe. Sehlopha sa batswadi bana se bonwe hoseng wa Labone 04 Phupjane sekolong moo bareng bane ba batla ho fumantshwa tlhakisetso hotswa ho botsamaisi ba sekolo empa ba teya kalala.

Maditjhelete Mofokeng motswali wa morutwana sekolong ore oile a qobeleha hotla sekolong bosiu boo kamora ho fumana mohala hotswa ho ngwana, mme amo fumana le babang ka dithoto tsa bona hekeng ya sekolo ba batla ho tsamaya.

Kopanong eo mosuwehloho Kganye Kganye oboletse ha pherekano eo mohlamonene, elaba ka lebaka la hose utlwisisane feela hobileng teng mme ojara makarabelo ohle jwalo ka mosuwehloho.

Empa batswadi nakong ya kopano ba supile molato ho motlatsa mosuwehloho mme bare ona loketse ho ema kapela kopano ho kopa tshwarelo. Mofokeng o re ba thabetse mohato wa botsamaisi ho bitsa kopano ya batswadi hotla ka tharollo empa ba bona mosuwehloho a tshireletsa ho feta tekano mesuwe ya sekolo.

Nkopane Mokoena emong wa batswadi o lentswe leng jwaloka bongata ba batswadi hore ba kgotsofaditswe ke kopano e bitsitsweng ke botsamaisi empa feela a phoqiwe ke bosiko ba keemedi ya setereke lefapheng la thuto.

“E nngwe e ne ree batla ke hore monga molato e leng motlatsa modulasetulo a eme ka bo yena a kope tshwarelo ho rona batswadi eseng mosuwehloho a mojarele molato,” Mokoena.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
10/10
Sat
29°C
overcast clouds
Sun
daily_wether_icon
29°C
27°C
Mon
daily_wether_icon
30°C
28°C
Tue
daily_wether_icon
23°C
20°C
Wed
daily_wether_icon
24°C
28°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
31°C
Fri
daily_wether_icon
32°C
33°C
Sat
daily_wether_icon
32°C
30°C
Related Posts
IMG-20261010-WA0000(1)
Read More
Widows during Premiers Ma queen Mathae Letsoha dialoque session at Bluegumbush multi purpose hall
Read More
Masikilo Patrick Vilakazi
Read More
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...
14 July 2026
Maqheku a seboko ka ho kgaoha ha motlakase mariheng ana
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Maqheku le maqhekwana lebatoweng la bosupa motseng wa Makgalaneng ba re mohato...
10 July 2026
Lekgotla la dinyewe Meqheleng le dia kahloho tse boima
Ka Teboho Moloi FICKSBURG- Lekgotla la dinyewe la magistrata Meqheleng le romeletse molaetsa o matla...
15 June 2026
Ho fumanwa ka setopo nokeng Clubview
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Seponesa sa Phuthaditjhaba se re se fuputsa nyewe ya polao kamora ho fumanwa...