Mabeta o ahlolelwa tjhangkaneng dilemo tse 36

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email

Ka Teboho Moloi

QWAQWA- Lekgotla la lebatowa la dinyewe la Phuthaditjhaba le ahloletse mabeta Nhlanhla Anthony Mngomezulu ya dilemo di 20 wa motse wa Naledi tjhangkaneng dilemo tse 36, kamora ho fumanwa ale molato ka peto ya motswala wa hae le lehlatsipa le tlase dilemong ka Labohlano 16 Mmesa.

Sena se latela tshebetso ya lekala la sepolesa le sebetsanang ka kotloloho le tshireletso ya bana, dintwa tsa ka malapeng hammoho le ditlhekefetso tsa motabo Phuthaditjhaba ka kopanelo le lekala la naha la botjhotjhisi.

Boleleng ba nyewe lekgotla le utlwile ha kala 03 Pudungwana 2024 Nhlanhla a ile a fihla lapeng habo mme a fumana motswala wa hae a ntse a hlapa le homo tsohela matla kaho mohlaba ka thipa diropeng pele a mobeta.

Mmuelli wa seponesa Warrant Officer Mmako Mophiring o re Nhlanhla o na llelwa ke ditshepe leho pharwa ka molato wa peto matsatsi a mabedi kamora ketsahalo eo leho lokollwa ka bail ke lekgotla.

Mophiring o re o la boyela a lellwa ke ditshepe ka qoso ya peto hape, ya lehlatsipa le tlase dilemo moo ha kala 27 Pherekgong 2025, Nhlanhla a ileng a tshosetsa lehlatsipa le dilemo tse 14 ka thipa haufi le borokgo motseng wa Hasethunya leho mohulela lengopeng le haufi moo a ileng a mo beta.

Ha ditaba di sa le mothating ona lekgotla le mo ahloletse dilemo tse 36 tjhangkaneng bakeng sa peto tseo eleng dilemo tse 18 molato ka mong.

One Response

  1. Thanks to the NPA and the police together with the investigating officer.. they’ve done a sterling job. Big up to that. The rapist must rot in jail. Now he faced the might of the law. Ha a kwallwe ka mosing 🤬

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
23/11
Mon
18°C
overcast clouds
Tue
daily_wether_icon
27°C
27°C
Wed
daily_wether_icon
27°C
28°C
Thu
daily_wether_icon
29°C
33°C
Fri
daily_wether_icon
28°C
20°C
Sat
daily_wether_icon
26°C
30°C
Sun
daily_wether_icon
27°C
30°C
Mon
daily_wether_icon
29°C
32°C
Related Posts
African Content Movement (ACM) founder and president Hlaudi Motsoeneng
Read More
Boetapele ba TMDM
Read More
ANC Ward15 councilor Mabitle Moloi
Read More
20 November 2026
Boetapele ba TMDM bo phethela dilemo tse hlano tsa tshebeletso
QWAQWA – Ramotse wa Phethahatso wa Masepala wa Setereke sa Thabo Mofutsanyana (TMDM), Conny Msibi, o...
20 November 2026
Sebuhudi sa mehleng sa ditaba Lesedi FM se timetse
QWAQWA- Ho latela phatlalatso ya ho timela ha mokaubere ebile ele sebohudi se tummeng sedikadikweng sa...
24 October 2026
MAP16 e thakgola mohoo wa dikgetho
QWAQWA-Mopresidente wa mokgatlo wa baahi wa MAP 16 Gilbert Mokotso o re diprojeke tse ngata tsa ntshetsopele...
23 September 2026
Sekolo sa Mohato se malala a laotswe bakeng sa dihlahlobo
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Botsamaisi ba sekolo se phahameng sa Mohato bo re bona le tshepo hore monongwaha...
28 August 2026
Magashule o tla tseba ka bokamoso ba hae isao
Ka Teboho Moloi BLOEMFONTEIN –Tonakgolo ya mehleng ya Free State Ace Magashule o re lekala la naha...
20 August 2026
Kgalala ya kgaso “Mvololo” o kgutlisetsa setjhabeng
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Sebuhudi sa seyalemoya sa Lesedi FM, lekgotleng la kgaso la Africa Boroa Veli...
30 July 2026
Basotho ba keteka Mongwaha wa bona o qalang Selemo
Ka Emily Setona QWAQWA – Ha lefatshe le itokisetsa kgwedi ya Phato, morupelli e moholo le hlooho ya Lefapha...
29 July 2026
Morena Moremoholo o hopola hore boreneng ebe sebaka sa botjhaba
Ka Teboho Moloi QWAQWA- Morena e moholo wa ntlo ya borena ba Bakoena ba Mopeli- Morena Moremoholo Motebang...
18 July 2026
Majoro o keteka metsotso e 67 ka dipapadi tsa maqheku
Majoro wa lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung Tumelo Thebe o ketikile metsotso ya hae e 67 ho tlotla...
18 July 2026
Ramotse o aba ditokomane tsa matlo ele ho keteka letsatsi la Mandela
Ramotse wa Phethahatso wa Dihlabeng, Tseki Tseki, o qadile lenaneo la hae la Letsatsi la Mandela ka ho...