Setopo se nyamela ka hara lebitla

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email

By Teboho Moloi

QWAQWA- Lelapa la ha Mollo Mabolela motseng wa Bochabela Qwa Qwa, lere le setse ka dipotso tse ngata ho feta dikarabo le ho tshoha, kamora ho nyamela ha setopo sa mora wa bona se bolokilweng dilemo tse nne tse fitileng.

Sena ke kamora hore ba bitsetswe setsheng sa bafu se Mabolela moo lebitla la Abel Buzi Mollo le bonweng le tjhepilwe pejana bekeng ena ke mosatsetjwe.

Mmuelli wa lelapa Laha Mollo o boletse ha ba ile ba tsebiswa ka pelaelo ya hore lebitla la bona le epolotswe ke morena, kamora hore le yena a tsebiswe ke badisana ba di phofoolo baileng ba ba le pelaelo haba feta sebakeng seo.

“Hang kamora ho ikgodisa hore kennete ke lebitla la lapeng, re tsamaile le morena ra letsetsa seponesa, “ho rialo Mollo.

Lengolo le bonweng ke boraditaba ba The Guard le laelang ho epollwa semmuso ha lebitla lena bakeng sa diphuputso, le tekenwe ka la bobedi la 20 Motsheanong 2025.

“Kamora ho epollwa ha lebitla, ba fumana hore haona setopo moo, re fumane feela masapo a mararo ekareng a sakgilwe ka sakga. Hare tsebe hore mmele wa hae okae,”Mollo wa hlalosa.

O re bantse ba tshositswe ke sena mme basa emetse dikarabo ho seponesa seitseng selo etsa diphuputso tse keneletseng le diteko.

Nakong ya kgatiso ya tlaleo ena sepolesa sene seso fane ka tlaleo le raporoto e feletseng Bahlanka ba mafapha a mmuso a epolotse semmuso lebitla lena ka Labone la 22 Motsheanong 2025.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
28/11
Fri
18°C
heavy intensity rain
Sat
daily_wether_icon
24°C
25°C
Sun
daily_wether_icon
26°C
24°C
Mon
daily_wether_icon
27°C
27°C
Tue
daily_wether_icon
28°C
30°C
Wed
daily_wether_icon
25°C
29°C
Thu
daily_wether_icon
23°C
22°C
Fri
daily_wether_icon
20°C
28°C
Related Posts
IMG-20251128-WA0001
Read More
1761837948239
Read More
1761837948239
Read More
19 November 2025
Bua Monna - QAC e keteka letsatsi la bo Ntate
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Banna ba nkile karolo kopanong ene e tshwaya keteko ya letsatsi la matjhaba la...
19 November 2025
Ho ketekwa letsatsi la machaba la banna
Sehlopha sa banna lehaeng la mehleng la Qwa Qwa hotswa metseng e fapaneng ba hlotse letsatsi la Laboraro...
19 November 2025
Against all Odds
Kamora ho lahlehelwa ke Ntate wa hae ka tsela ya lefu, motjha a dilemo di 24 Seipati Motsoeneng, o re...
15 November 2025
Sepolesa se hlokomedisa batho ho se inkele molao matsohong
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM -Seponesa sa Free State se ipileditse ho setjhaba ho se inkele molao matsohong...
15 November 2025
Dikwankwetla e hlahisa hlooho hape
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Mopresidente wa mokga wa Dikwankwetla Party of South Africa (DPSA) Moeketsi Lebesa...
11 November 2025
Lefu la mokganni wa makoloi a baeti le amme lelapa
Setho sa lelapa la mokganni wa makoloi a baeti tse nyane tse sebeletsang setsheng se tshelang mafura...
03 November 2025
FS e ntlafatsa matsholo a polokeho mebileng
Ka Teboho Moloi FICKSBURG -Letona la polokeho ya setjhaba, mebila le dipalangwang Free State Jabu Mbalula,...
03 November 2025
Setsoto FM se sireletsa Kgau ya bo mampudi
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Sehlopha sa bolo ya maoto sa seyalemoya sa setjhaba sa Setsoto FM, ke bomampudi...
31 October 2025
Sarko e batla hlooho ya Lebesa
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Mokga wa South African Royal Kingdom (SARKO) lekgotleng la motse le hulang...
23 October 2025
SALGA e fa Lebesa kgau
MMC Bridgette Lebesa o thabetse ho fuoa moputso oa SALGA hobane o ne a sa o lebella.