Ka Teboho Moloi
QWAQWA -Molekgotla wa mokga wa SARKO Napo Letlala o qheletse ka thoko menyenyetsi ya hore o ikopetse ho kgutlela ka hara komiti ya ramotse wa phethahatso wa Maluti A Phofung Malekula Melato jwaloka letona ka hara komiti ya hae.
Letlala o re ke leshano le letala hore o entse kopo ho kgutla ka hara kommiti le selekane sa puso ya kopanelo masepaleng wa habo.
Letlala o na nyaollwe jwalo ka letona ka Hlakola selemong sa 2025.
Nako e fitileng o na ipiletse ha ho nyaollwa ha hae ho ne ho se molaong le ho hlalosa ha lelekuwe ka molomo ntle le lengolo la se mmuso.
O ntsa tiiseleditse mantsweng a hae hore ona lelekuwe jwalo ka nyalasi e sihilweng moketeng.
“Kene ke jwetswe ka molomo feela ke majoro hore ha ke sale karolo ya kommiti ya hae, le hobona ke ntshuwa kahara diGroup tsa WhatsApp,” Letlala.
O boleletse bo raditaba ha akeke a ikopela hoba letona’ hape, kaha yena ha a tloha a itokolotse kahara kommiti eo.
O setse a makaletse menyenyetsi ya morao tjena hore o batla hoba letona hape.
Hoya ka Letlala ho nyaollwa ha hae, ho latela ho kenya mohato wa ho hloka tshepo ho sephadi sa lekgotla la motse ebile ele mopresidente wa Dikwankwetla Party of South Africa Moeketsi Lebesa nakong eo.
Ha dumela kapa ho hana hore ebang aka kopuwa ho kgutlela setulong sena aka kgutla nah, empa hore qeto e tlaba ya mokga wa habo ka dipehelo.