Ka Teboho Moloi
QWAQWA- Lekgotla la dinyewe la Phuthaditjhaba le boyetse le kgutliseditse morao nyewe kgahlanong le molekgotla wa mokga wa African National Congress (ANC) lebatoweng la 28 masepaleng wa selehae wa Maluti A Phofung, Marry Crockett ho la 05 Tshitwe 2025.
Sena se etsahetse ka Labone 23 Mphalane kamorao hore a hlahele ha kgutshwane ka pele ho lekgotla.
Crockett o tobane le nyewe ya bobodu le bomenemene. Haesale ana lellwe ke ditshepe kala 03 Phato le ho nehelwa bail ya dikete tse leshome R10 000 tlasa dipehelo tse matla ke magistrata.
Ho latela ho tshwarwa ha hae, ona itokolle setulong sa hae kahara komitti ya phethahatso ya ramotse wa masepala wa habo Malekula Melato.
Nyewe e kgutliseditswe morao bakeng sa diphuputso tse so phethelwe. Empa lekgotla lere nyewe ena e kgutlisetswa morao lekgetlo la ho qetela.
Nakong e fitileng mohlophulli wa ditaba tsa dipolotiki Valerio Manzini ona lothe ha nyewe ya hae etlo thefula sephetho sa ANC dikgethong tsa isao.
Manzini o re bakgethi bana le mohopolo wa hore boradipolotiki ba una molemo ka tsela tse seng molaong ka tjhelete tsa mmuso tse reretsweng ho nehelana ka ditshebeletso le hofetola maphelo a bona.
“Serithi sa ANC ka bosona se mathateng jwalekaha nyewe tsena tsa ditho tsa bona re ba bonang batswa ba kena makgotleng a dinyewe hotloha boemong ba naha hofihlela dimasepaleng, ho thefula hofeta serithi sa mokga,” Manzini wa hlalosa.