Ka Teboho Moloi
QwaQwa- Ba bang batjha lehaeng la mehleng la Qwa Qwa ba qosa mmuso ka lereng, o ba qobella hore ebe bakganni ba ditekesi tse seng molaong ka lebaka la hore o hloleha ho theha menyetla ya mosebetsi.
Ba buile sena nakong ena hosatswa ketekwa letsatsi la batjha ka la 16 Phupjane le naha ho behella kgwedi ena hoba tlotla tlasa mokotaba , bokgoni bakeng sa ho fetoha ha lefatshe, ele ho kgothaletsa batjha honka karolo kgolong ya moruo.
Le ha hole jwalo dipalopalo tsa morao tjena dihutulotse ha thlokeho ya mosebetsi hara batjha e ile ya ka theoha kotareng ya bobedi hotloha ho dipresente tse 46.6 hoba tse 45.5 eleng ho hlalosang ha dimillion tse 4.8 tsa batjha disa sebetse.
E mong wa batjha Teboho Mekhoe o re o na le dilemo tse fetang tse supileng a kganna ditekesi, le hoja a phethetse dithuto tsa hae le hoba le mangolo a thuto tse phahameng.
Mekhoe ore ha hona letho leo mmuso o lokelang hole keteka lebitsong la batjha, kaha hosena diphethoho diphephetsong tse tobaneng le batjha ba hajwale.
“Ha hona ntho eo mmuso o lokelang ho shebana le yona dilemong tsena ntle le hotla ka tharollo phareleng ya thlokeho ya mosebetsi. Broer waka redutsi ka ona mangolo, mehopolo ya dikgwebo empa hahona thuso e re e fumanang, “Mekhoe.
O re hajwale ba qobeleha ho kganna ditekesi ntle le mangolo a tumello hoba dikopo tsa bona hore ba fumane mangolo di behellwa ka thoko ka mehla.”Bonyane boo rebo fumanang mona ditekesing re kgona ho fepa malapa a rona, le rona re je ebile re kgone le ho hudisa bana,” ho hlalosa Mekhoe. Ha ditaba disale jwalo ha teka ditekanyetso tsa ditjhelete tsa setereke bakeng sa selemo sa 2025/2026 majoro Connie Msibi o phatlaladitse ha selemong sa 2024/2025 ba atlehile ho theha menyetla ya mesebetsi e 205 tlasa lenaneo la mmuso la katoloso ya mmuso (EPWP).