Matakanye o tswa puo ka mosuwehlooho

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Modulasetulo wa lekgotla la naha la taolo ya dikolo (SGB) Matakanye Matakanye.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA-Modulasetulo wa lekgotla la naha la taolo ya dikolo (SGB ) Matakanye Matakanye, o re e bang lekgotla leka fumana mosuwehlooho wa sekolo se phahameng sa Dikwena Qwaqwa Joseph Nhlapo molato ka polao, bona e le SGB batlo kgothaletsa ho nyaolwa ha hae ka ho panya ha leihlo le ho hlakolwa lenaneong la mesuwe ya naha ena.

Nhlapo ke moqusuwa wa pele nyeweng ya polao ya monna ya dilemo di 27 Mpho Mokoena, eo setopo sa hae se fumanweng haufi le sekolo sena motseng wa Namahadi.

Ho ya ka seponesa, ho tlalehilwe Mokoena a ile a tetekwa ke sehlopha sa batho, ba neng ba moqosa ka boshodu ba dijo tsa sekolo.

Nhlapo le baqusuwa mmoho le yena ba robong, baile ba hlahella ka makgetlo a mabedi kapela mmaseterata Phuthaditjhaba, mme ba lebetswe ho boyela ba hlahella hape ka Labobedi 27 Motsheanong.

Matakanye o re ele SGB bana le kutlwisiso ya tsamaiso ya mehato ya molao makgotleng a dinyewe mme e bang lekgotla le sa mofumane molato batlo emela ditsamaiso tsa kgalemo tsa lefapha.

“Kannete e bang lekgotla leka mofumana a le molato o loketswe a hlakolwe hang-hang lenaneong la SACE, hore le mohlang a tswang ditlamong a sebe le monyetla wa hoka sebetsa dikolong le bana,”ho rialo Matakanye.

Nyewe ena e fuputswa ke lefokisi ho tswa seteishining sa Namahadi Cst/Detective Mahlatsi Namane.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
28/11
Fri
22°C
light rain
Sat
daily_wether_icon
26°C
24°C
Sun
daily_wether_icon
26°C
21°C
Mon
daily_wether_icon
26°C
29°C
Tue
daily_wether_icon
29°C
31°C
Wed
daily_wether_icon
26°C
28°C
Thu
daily_wether_icon
26°C
17°C
Fri
daily_wether_icon
21°C
28°C
Related Posts
IMG-20251128-WA0001
Read More
1761837948239
Read More
1761837948239
Read More
19 November 2025
Bua Monna - QAC e keteka letsatsi la bo Ntate
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Banna ba nkile karolo kopanong ene e tshwaya keteko ya letsatsi la matjhaba la...
19 November 2025
Ho ketekwa letsatsi la machaba la banna
Sehlopha sa banna lehaeng la mehleng la Qwa Qwa hotswa metseng e fapaneng ba hlotse letsatsi la Laboraro...
19 November 2025
Against all Odds
Kamora ho lahlehelwa ke Ntate wa hae ka tsela ya lefu, motjha a dilemo di 24 Seipati Motsoeneng, o re...
15 November 2025
Sepolesa se hlokomedisa batho ho se inkele molao matsohong
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM -Seponesa sa Free State se ipileditse ho setjhaba ho se inkele molao matsohong...
15 November 2025
Dikwankwetla e hlahisa hlooho hape
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Mopresidente wa mokga wa Dikwankwetla Party of South Africa (DPSA) Moeketsi Lebesa...
11 November 2025
Lefu la mokganni wa makoloi a baeti le amme lelapa
Setho sa lelapa la mokganni wa makoloi a baeti tse nyane tse sebeletsang setsheng se tshelang mafura...
03 November 2025
FS e ntlafatsa matsholo a polokeho mebileng
Ka Teboho Moloi FICKSBURG -Letona la polokeho ya setjhaba, mebila le dipalangwang Free State Jabu Mbalula,...
03 November 2025
Setsoto FM se sireletsa Kgau ya bo mampudi
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Sehlopha sa bolo ya maoto sa seyalemoya sa setjhaba sa Setsoto FM, ke bomampudi...
31 October 2025
Sarko e batla hlooho ya Lebesa
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Mokga wa South African Royal Kingdom (SARKO) lekgotleng la motse le hulang...
23 October 2025
SALGA e fa Lebesa kgau
MMC Bridgette Lebesa o thabetse ho fuoa moputso oa SALGA hobane o ne a sa o lebella.