Ka Teboho Moloi
QWAQWA- Kopano ya lekgotla la motse la Maluti-a-Phofung e ikgethileng ene dutse ka Labone 19 Phupjane 2025, dikantorong tsa ntlo-kgolo tse Phuthaditjhaba e laetse majoro le motsamaisi e moholo wa masepala ho laela kommiti ya Vaal Central hotla nehelana ka raporoto ka tshebediso ya ranta tse billion tse 2.1 pele kgwedi ena e phethelwa.
Lekgotla lere lehloka tlhakisetso ka bo batsi ka kgatelopele diprojekeng tsohle tseo esale di nehelwa matshohong a Vaal Central, lebitsong la ho tlisa tharollo phareleng ya marang-rang a tsamaisang metsi le dikgwerekgwere.
Taelo ena etla nakong eo baahi bantseng bale seboko ka mararang a putlameng a metsi le dikgwerekgwere ho potoloha le dibaka tsa bona tsa bodulo lekgotla lena.
Ka lekoreng le leng setho sa mokga wa bohanyetsi wa Democratic Alliance Allison Oates o netefaditse sena ka lereng baahi ba Makwane ke mahlatsipa , baahi ba hlokang metsi ka lebaka la mararang a putlameng.
Oates o re baahi haesale ba bolellwa ka karolo ya valve e lokelang ho hokelwa bakeng sa hoba fepela metsi. Le hoja motsamaisi wa masepala Advocate Motsoahae Mofokeng a bolelletse lekgotla hore, base ba entse kopo ya ho romellwa ha divalve tse nne tsa maemo a hodimo ho tla thusa ka mararang-rang ao ohle, lekgotla le batla raporoto.
“Hona le R2.1billion ene beheletswe ka thoko ele leano la mmuso ho kena dipakeng enehetswe Vaal Central hotla thusa masepala ona ka mararang a metsi le dikgwerekgwere. Ho boyetse hona le diprojeke tse 14, ka leo baloketse hotla kapela lekgotla lena ho ithlalosa ,” horialo motsamaisi wa dipuisano MandleNkosi Dlamini.
Dlamini ore hontse ho hlokahala raporoto ya hore diranta tse million tse lekgolo tsene di beheletswe ka thoko bakeng sa ditukiso di sebeditse kae.