Maluti federation ere thapelo ke karabo dipolayanong

Facebook
X
LinkedIn
WhatsApp
Email
Ditho tsa komitti ya phethahatso tsa federation ya baruti ya Maluti.

Ka Teboho Moloi

QWAQWA -Mongodi kakaretso wa komitti ya phethahatso ya dikereke tsa tumelo ya bo kreste wa Federation ya baruti ya Maluti Reverend Matebese Lakaje, o re ke nako jwale hore setjhaba, dikereke le baruti ba qalelle ho rapella ho fela ha diketso tsa tlolo tsa molao tse soto tse jeleng setsi.

Lakaje o na bua kopanong ya komitti ena meahong ya kereke ya Showtel Riverside ka Labone 18 Lwetse.

O buile ka ngongoreho e kgolo ya dipolao, dipeto, thlekefetso tsa bana le basadi ho kenyeletsa le ditlolo tsa molao tse jang setsi letsatsi le tjhabang le le dikelang.

“Re le federation re lentswe le leleng mme re eme kgahlano le ketso tsa tlolo tsa molao dife kapa dife. Mme re tshehetsa toka ka mehla le ho tla ka thuto le lentswe la Molimo le kgothaletsang ho phela ka kgotso le hose tlole melao e supileng,”Lakaje wa hlalosa.

Hoya ka mmuelli wa federation Moruti Martin Tsatsa bana le ponelopele ho tlisa kopano ka hara dikereke tsohle ho sebedisana mmoho, ho kgothaletsa bophelo bo botle bonang le kgotso le kgutso. Tsatsa o behile molato tse ding tsa diqeto tsa mmuso ele sesosa sa ho ata ha tlolo tsa molao, boitshwaro bo bonahalang bo fosahetse hara setjhaba le ho ata ha diketso tse tshosang ebile disa tlwaeleha.

Leha ho le jwalo ore ase toka ho beha molato ka botlalo ho democracy, kaha ditokelo tsa botho ditsamaisana le maikarabelo.

“O re bao ba nkang maphelo a batho ba kgahlano le molao wa democracy wa naha ena, ka honka tokelo ya motho emong ya ho phela ebile ba kgahlano le molao wa bokreste hore oseke wa bolaya,”ho rialo Tsatsa.

Federation ere Komitti e tlo nka dilemo tse tharo ditulong,mme ha etlonka tshekamelo mekgeng ya dipolotiki.

Komitti ya federation ena e thehilwe ka ditho tse 17 Mme Komitti ya phethahatso e kenyeletsa Moruti Masopha Tsunami jwalo ka modula setulo, motlatsa hae Sekete Nchabeng, mongodi kakaretso Rev Matebese Lakaje, letsholo la hae Moruti Lydia Hlalele, motshwara matlotlo Moruti Matheko Mofokeng, diphatlalatso moruti Martin Tsatsa le moruti Mokena Malimabe jwalo ka offisiri ya Equ-conomical .

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Bloemfontein
28/11
Fri
22°C
light rain
Sat
daily_wether_icon
26°C
24°C
Sun
daily_wether_icon
26°C
21°C
Mon
daily_wether_icon
26°C
29°C
Tue
daily_wether_icon
29°C
31°C
Wed
daily_wether_icon
26°C
28°C
Thu
daily_wether_icon
26°C
17°C
Fri
daily_wether_icon
21°C
28°C
Related Posts
IMG-20251128-WA0001
Read More
1761837948239
Read More
1761837948239
Read More
19 November 2025
Bua Monna - QAC e keteka letsatsi la bo Ntate
Ka Teboho Moloi QWAQWA-Banna ba nkile karolo kopanong ene e tshwaya keteko ya letsatsi la matjhaba la...
19 November 2025
Ho ketekwa letsatsi la machaba la banna
Sehlopha sa banna lehaeng la mehleng la Qwa Qwa hotswa metseng e fapaneng ba hlotse letsatsi la Laboraro...
19 November 2025
Against all Odds
Kamora ho lahlehelwa ke Ntate wa hae ka tsela ya lefu, motjha a dilemo di 24 Seipati Motsoeneng, o re...
15 November 2025
Sepolesa se hlokomedisa batho ho se inkele molao matsohong
Ka Teboho Moloi BETHLEHEM -Seponesa sa Free State se ipileditse ho setjhaba ho se inkele molao matsohong...
15 November 2025
Dikwankwetla e hlahisa hlooho hape
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Mopresidente wa mokga wa Dikwankwetla Party of South Africa (DPSA) Moeketsi Lebesa...
11 November 2025
Lefu la mokganni wa makoloi a baeti le amme lelapa
Setho sa lelapa la mokganni wa makoloi a baeti tse nyane tse sebeletsang setsheng se tshelang mafura...
03 November 2025
FS e ntlafatsa matsholo a polokeho mebileng
Ka Teboho Moloi FICKSBURG -Letona la polokeho ya setjhaba, mebila le dipalangwang Free State Jabu Mbalula,...
03 November 2025
Setsoto FM se sireletsa Kgau ya bo mampudi
Ka Teboho Moloi QWAQWA -Sehlopha sa bolo ya maoto sa seyalemoya sa setjhaba sa Setsoto FM, ke bomampudi...
31 October 2025
Sarko e batla hlooho ya Lebesa
Ka Teboho Moloi QWAQWA – Mokga wa South African Royal Kingdom (SARKO) lekgotleng la motse le hulang...
23 October 2025
SALGA e fa Lebesa kgau
MMC Bridgette Lebesa o thabetse ho fuoa moputso oa SALGA hobane o ne a sa o lebella.