Ka Teboho Moloi
QWAQWA -Morutwana ebile ele sebini se tlase dilemong sa mmino wa dinoto hotswa motseng wa Makwane Nnini Mohono 17, ore ho bina dinoto hase ho ithabisa feela empa ho bapala karolo e kgolo dithutong tsa hae tsa sekolo.
Mohono ke karolo ya sehlopha sa mmino sa barutwana ba sekolo sa Makwane Comprehensive, selo emela profense ya Free State makgaola-kgang tlhodisanong ya dikolo ka mmino wa dinoto boemong ba naha hotloha kala pele Phupu.
Mohono anang le tumelo hore batlotla le tlholo lapeng mona, ore mmino o mo rutile ho nka maikarabelo, hoba sedi ka tshebediso ya nako, maitshwaro le ho utlwa monate wa tlholo mme seo se mo etsa hore a sebetse ka matla le boitelo dithutong tsa hae tsa sekolo hore a tswelepele.
Mosuwehlooho wa sekolo sa Makwane ebile ele motsamaisi wa sehlopha sa mmino Vusi Nyama o re ba lo emela profense ena, ka dihlopha tse pedi tsa bana ba banyane le ka sehlopha se seholo sa sekolo.
Nyama ore ho fihlella boemong bona ke tlholo ka bo yona, empa o re batlo sebeletsa boemo ba pele.
“Kere ke tlholo tjena hoba sena ke karolo ya meralo ya sekolo bakeng sa selemo sena hore, sekolo se lokela ho fihlella boemo ba naha tlhodisanong efe kapa efe hotsa botaki kapa dipapading ekasitana le sephethong sa dithuto,”Nyama wa hlalosa.
Nyama ore haesale ba fetola leano la sekolo sena dilemo tse tsheletseng le ho kenya dithuto tsa botaki, bonono,dipapadi le mmino hara tse ding base ba fihleletse tse ngata ho kenyeletsa ho romella emong wa bana ba bona hola Russia.