Ka Teboho Moloi
HARRISMITH- Baahi ba karolo ya Polasi Extension 2, Intabazwe 42nd Hill bantse ba setse ba harohile matswalo le ho makala, ka mora ho fumanwa ha setopo sa mosadimoholo Emily Mphuthi (81) betheng lapeng ka Sontaha sa la 08 hara motsheare.
Mofu Mphuthi o fumanwe ke moradi wa hae nakong eo ana motliseditse dijo, le ho fumana mmae asa arabele betheng moo aneng a robetse teng.
Seponesa se re kamora ho bitsetswa sebakeng seo mofu o fumanwe betheng ana le lesela ho potoloha le molala le maqeba a mongwapo dirwepeng ka bobedi.
Mmuelli wa seponesa Warrant Officer Mmako Mophiring o re diphuputso tsa seponesa tsa sethatong ha diya fumana matshwao a ho tjhwatlwa le ho kena ka mahahapa ka tlung.
Mophiring o re le ha hole jwalo nyewe ya polao e butswe mme diphuputso di thakgotswe ho fumana sesosa sa polao le baetsi/moetsi wa ketso ena hore a tobane le molao.
O re sephetho sa thlathlobo ya teko ya kamora lefu setla bolela sesosa sa lefu.
Haoso hlake hore ebe hotla eketswa diqoso tse ding hoduma tsa polao kapa tjhe ho baqosua mohlang ba llellwang ke ditshepe.
Seponesa se ipileditse ho mang kapa mang a ka bang le thlaiso leseding ho thusetseng diphuputsong tsena, ho nehelana ka lesedi leo ho Kaptein ya Mafokisi Harrismith Vusimuzi Zwane nomorong tsa 060 976 4290, kapa ho ka letsetsa 08600 10111.